Nehemia 9 - BIBELESetjhaba se ipolela dibe 1 Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi yona eo, bana ba Iseraele ba phutheha, ba itima dijo, ba apara tse mahwashe, ba itshela ka mobu dihloohong. 2 Bao e leng ditloholo tsa Iseraele ba ikgetholla ho baditjhaba bohle; ba ema, ba ipolela dibe tsa bona, le dibe tsa bo-ntata bona. 3 Ba qeta dihora tse tharo ba ntse ba eme, ba ballwa Bukeng ya Molao wa Morena Modimo wa bona. Ka dihora tse ding tse tharo ba ipolela dibe, mme ba kgumamela Morena Modimo wa bona. 4 Jwale Balevi, e leng bo-Jeshua, le Bani, le Kademiele, le Shebaniya, le Buni, le Sherebiya, le Bani, le Kenani, ba ema sethaleng, ba ipiletsa ho Morena Modimo wa bona, ka mantswe a phahameng. 5 Yaba Balevi, e leng bo-Jeshua, le Kademiele, le Bani, le Hashabeniya, le Sherebiya, le Hodiya, le Shebaniya, le Petahiya, ba re: “Emang, le boke Morena Modimo wa lona, ya hlolang kamehla yohle! Lebitso la hao le tlotlehang le bokwe, le fetang dipoko tsohle le dithoko tsohle! 6 “Oho, Morena, ke wena o inotshi, ya entseng mahodimo, le mahodimo a mahodimo, le dinaledi, le lefatshe le tsohle tse ho lona, le mawatle, le tsohle tse ka ho wona; tsohle o babaletse bophelo ba tsona. Mabotho a lehodimo a a o kgumamela. 7 Ke wena Morena Modimo ya neng a kgethe Aborame, wa mo ntsha naheng ya Ure, Ure ya Bakalatiya, wa mo rea lebitso la Aborahama. 8 Wa fumana a tshepahala ho wena, yaba o etsa selekane le yena; wa mo tshepisa naha ya Bakanana, le ya Bahete, ya Baamore, le Baperise, le Bajebuse, le Bagirigashe; wa e tshepisa le ditloholo tsa hae; jwale o phethile tshepiso ya hao, hobane wena o lokile. 9 “O bone matshwenyeho a bo-ntata rona, Egepeta, wa utlwa sello sa bona Lewatleng le Lefubedu. 10 Wa etsetsa Faro dipontsho le dimakatso, wa di etsetsa bahlanka ba hae, wa di etsetsa le tjhaba sohle sa naha ya hae, hobane o no tseba boikalatiso ba bona, kamoo ba ikalatisetsang bona kateng. Bitso la hao la tuma, jwalokaha le tumile kajeno. 11 Wa phatlola lewatle kapele ho bona, ba tshela lewatle mobung o ommeng; baphaladisi ba bona wa ba akgela bodibeng, jwaloka lejwe ha le akgelwa metsing a bilohang. 12 Motsheare wa ba etella pele ka leru le lopaletseng, bosiu ka kganare e lopaletseng, ho ba bonesetsa tsela leetong la bona. 13 Wa ba wa theohela hodima Thaba Sinai, wa bua le bona o theoha lehodimong; wa ba nea kahlolo tse lokileng le melao ya nnete, temoso tse lokileng le tsona ditaelo. 14 Wa ba ruta Sabatha se halalelang sa hao, ka mohlanka wa hao Moshe wa ba beela melao, le ditaelo, le dikahlolo. 15 “Wa ba fepa ka bohobe ba lehodimo ha ba lapile, wa ba fa metsi a tswang lefikeng ha ba nyorilwe, wa ba laela hore ba kene, ba ikgapele naha eo o neng o hlapanye hore o tla ba nea yona. 16 Empa bona, le bo-ntata rona, ba ikakasa, ba ba manganga, ba se ke ba mamela melao ya hao. 17 Ba hana ho mamela, ba lebala ketso tsa hao, dimakatso tsa hao, tse entsweng hara bona; ba se ke ba di natsa, ba ba manganga, ba o fetohela, ba ikgethela moetapele, hore a ba busetse bokgobeng ba bona. Empa o Modimo ya tshwarelang kamehla, o lereko, o mohau, o dieha ho halefa, o bile o lerato, mme ha o a ka wa ba furalla. 18 Ba iketsetsa setshwantsho sa namane, ba re: ‘Ke ona modimo o re ntshitseng Egepeta!’ Kahoo ba etsa nyefolo e kgolo! 19 Empa ha o a ka wa ba furalla lehwatateng, hobane mohau wa hao o moholo haholo; motsheare leru le lopaletseng ha le a ka la nyamela, la nna la ba etella pele tseleng ya bona; bosiu kganare e lopaletseng ha e a ka ya fifala, ya nna ya ba bonesetsa ha ba ntse ba tsamaya. 20 Wa ba romela Moya wa hao o molemo ho ba ruta, wa se ke wa ba tima manna a hao, wa ba fa metsi ho tlosa lenyora. 21 Ka lemo tse mashome a mane, lehwatateng, wa ba fepa, ba se ke ba hloka letho; aparo tsa bona tsa se ke tsa taboha, maoto a bona a se ke a ruruha. 22 “Wa ba nea mebuso le baditjhaba, wa ba abela dibaka tsa bona; ba ikgapela naha ya Sihone, le ya kgosi ya Heshebone, ba hapa le naha ya Oge, kgosi ya Bashane. 23 Wa anafatsa bana ba bona sa naledi tsa lehodimo, wa ba fihlisa naheng e tshepisitsweng bo-ntata bona, hore ba kene ho yona, ba ikgapele yona. 24 Bana bao ba kena, ba ikgapela naha; wa kokobetsa Bakanana, baahi ba pele ba naha, wa neelana ka bona matsohong a Baiseraele, hore ka kgosi tsa bona ho etswe borata, le ka baahi ba tsona. 25 Ba hapa diqhobosheane le naha e manoni, ba hapa le matlo a tletseng mefuta yohle ya thepa; didiba tse tjhekilweng, masimo a morara le a mohlwaare, le fate tsa tholwana tse ke ke be tsa balwa. Ba eja, ba kgora, mme ba atleha, ba atleha, ba phela ka boiketlo, tse molemo tsa hao tsa ba thabisa. 26 “Leha ho le jwalo, ba se ke ba o mamela, ba se ke ba o mamela, ba o fetohela, Molao wa hao ba o siya morao; baporofeta ba hao bona ba ba bolaya, ha ba ba kgalemella ho ba busetsa ho wena; kahoo ba etsa nyefolo e kgolo! 27 Wa ba neela dira tsa bona ho ba tuba, tlokotsing tsa bona ba ipiletsa ho wena, mme wa ba utlwa o le hodimong la hao. Ka baka la mehauhelo ya hao e mengata, wa ba nea bapholosi, ba ba lopolla ho dira tsa bona. 28 Ha ba se ba phomotse ba etsa bokgopo mahlong a hao, wa ba tlohella dira tsa bona tsa ba busa; ba boela ba kgutlela ho wena, ba ipiletsa, wena wa ba utlwa o le hodimong la hao, ka makgetlo wa ba lopolla, ho ya ka mehauhelo ya hao. 29 Wa ba kgalemela hore ba kgutlele Molaong wa hao, empa ba ikakasa, ba se ke ba mamela Molao wa hao. Ba tlola taelo tsa hao, taelo tse phedisang ba di phethang, ba o fetohela, ba ba manganga, ba ba ba se ke ba o mamela. 30 Ka dilemolemo wa ba mamella, wa iphapanya, wa ba kgalema ka baporofeta ba hao, ka baporofeta ba susumetswa ke Moya wa hao, empa tsebe tsa bona tsa se ke tsa sekeha, yaba o neelana ka bona ho baahi ba naha tseo. 31 Empa ka baka la mehauhelo e meholo ya hao, ha o a ka ba timetsa le ho ba furalla, hobane o Modimo ya lereko, ya mohau. 32 “Jwale, ka baka lena, wena Modimo wa rona, Modimo e moholo, ya matla, Ramatshabeho, ya bolokang selekane sa hae, ya hauhelang, tsietsi tsohle tse re hlahetseng o se ka di bebola: Tse hlahetseng kgosi tsa rona le mahosana a rona, baprista ba rona le baporofeta ba rona, bo-ntata rona le tjhaba sena sa hao sohle, ho tloha mehleng ya dikgosi tsa Asure, ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno! 33 Ho tsohle tse re hlahetseng o sebeditse ka toka, o tshepahetse haholo, rona re entse bokgopo. 34 Kgosi tsa rona le mahosana a rona, baprista ba rona le bo-natata rona, bohle ha ba a boloka Molao wa hao, kapa ba mamela ditaelo tsa hao, le dikgalemelo tseo o ba etseditseng tsona. 35 Leha ba ne ba buswa ke kgosi tsa bona, ba iketlile, ba eja poqo-ka-hlanaka, naheng e batsi, e manoni, eo o ba fileng yona, ha ka ba o sebeletsa, ha ba a ka ba furalla makgopo a bona. 36 Kajeno re makgoba naheng ya bo-ntata rona, naha eo o neng o ba abele yona, hore ba je tholwana tsa yona le menono ya yona; jwale ke mona re makgoba ho yona! 37 Menono e mengata ya naha eo e jewa ke dikgosi tseo o di beileng hodima rona, wa di bea ka baka la dibe tsa rona; di re busa, le makgomo a rona di iketsetsa borata, mme rona re phela kahara tlokotsi tse kgolo!” Setjhaba se etsa selekane 38 “Ka baka la tsena tsohle, re etsa selekane sa nnete, re bile re a se ngola, mme mahosana a rona, le Balevi, le baprista, ba se tiisa ka ho ngola mabitso a bona.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa