Nehemia 9:10 - BIBELE10 Wa etsetsa Faro dipontsho le dimakatso, wa di etsetsa bahlanka ba hae, wa di etsetsa le tjhaba sohle sa naha ya hae, hobane o no tseba boikalatiso ba bona, kamoo ba ikalatisetsang bona kateng. Bitso la hao la tuma, jwalokaha le tumile kajeno. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)10 wa etsa dipontsho le mehlolo hodima Faro le hodima bahlanka ba hae bohle le hodima setjhaba sohle sa lefatshe la hae; hobane o ne o tseba kamoo ba ba entseng ka boikgohomoso kateng; yaba o iketsetsa botumo kamoo bo ntseng bo le kateng le kajeno. Ver Capítulo |
O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae.
Kapa na ho teng modimo o mong o kileng wa leka ho inkela setjhaba, hara setjhaba se seng ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka ditshoso tse kgolo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ile a etsa ho lona, moo le ntseng le bona, ha le sa le Egepeta?