Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 9:9 - BIBELE

9 “O bone matshwenyeho a bo-ntata rona, Egepeta, wa utlwa sello sa bona Lewatleng le Lefubedu.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O ne a bone mahlomola a bontata rona ha ba le Egepeta, mme wa utlwa mehoweletso ya bona ha ba le pela Lewatle le Lefubedu,

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 9:9
8 Referencias Cruzadas  

Baiseraele ba bona letsoho le matla la Morena, le ileng la hlola Baegepeta. Setjhaba sa tshaba Morena, mme sa dumela ho Morena, le ho Moshe, mohlanka wa hae.


Modimo a bona bana ba Iseraele, mme a ba utlwela bohloko.


“Tsamaya, o bokelle baholo ba Iseraele, o re ho bona: ‘Morena, Modimo wa bo-ntata lona, Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, o iponahaditse ho nna, a re: Ke ile ka le etela, mme ka bona tseo le di etswang naheng ya Egepeta.


Mohlang oo ke ne ke di hlapanyetse hore ke tla di ntsha naheng ya Egepeta, ke di ise naheng eo ke di kgethetseng yona, e phallang lebese le mahe a dinotshi, e fetang dinaha tsohle ka botle.


Ruri ke bone tshotleho ya setjhaba sa ka se Egepeta, ke utlwile ho dumaela ha sona, mme ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla; jwale tloo, ke tla o roma Egepeta.’


Empa setjhaba se tla di etsa makgoba ke tla se ahlola,’ ha rialo Modimo, ‘mme kamorao ho tsena di tla tloha, di tlo ntshebeletsa sebakeng sena.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos