Nehemia 9:8 - BIBELE8 Wa fumana a tshepahala ho wena, yaba o etsa selekane le yena; wa mo tshepisa naha ya Bakanana, le ya Bahete, ya Baamore, le Baperise, le Bajebuse, le Bagirigashe; wa e tshepisa le ditloholo tsa hae; jwale o phethile tshepiso ya hao, hobane wena o lokile. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)8 Wa mo fumana a ena le pelo e tshephehang pela hao, mme wa etsa selekane le yena sa ho mo nea lefatshe la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baferese, le la Bajebuse, le la Bagirgashe, hore o tle o le nee ditloholo tsa hae; o fela o phethile lentswe la hao, etswe o le ya lokileng. Ver Capítulo |
Hase ka baka la ho loka ha lona, kapa ka baka la ho loka ha dipelo tsa lona naha ena a tlang ho ba ya lona, empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tsena Morena a di lelekang kapele ho lona, e le hore Morena a phethahatse tshepiso eo a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona Aborahama, le Isaka, le Jakobo.
“Bonang, kajeno le nna ke ya boyabatho. Botebong ba dipelo tsa lona, le maikutlong a lona, le tseba hantle hore ha ho ntho le e nngwe ya dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a le tshepisitseng tsona, e sa kang ya phethahala. Tsohle di phethahetse, ha ho le e nngwe e sa kang ya phethahala.