Nehemia 9:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)8 Wa mo fumana a ena le pelo e tshephehang pela hao, mme wa etsa selekane le yena sa ho mo nea lefatshe la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baferese, le la Bajebuse, le la Bagirgashe, hore o tle o le nee ditloholo tsa hae; o fela o phethile lentswe la hao, etswe o le ya lokileng. Ver CapítuloBIBELE8 Wa fumana a tshepahala ho wena, yaba o etsa selekane le yena; wa mo tshepisa naha ya Bakanana, le ya Bahete, ya Baamore, le Baperise, le Bajebuse, le Bagirigashe; wa e tshepisa le ditloholo tsa hae; jwale o phethile tshepiso ya hao, hobane wena o lokile. Ver Capítulo |
Hase ka baka la ho loka ha hao, leha e le ka baka la bokgabane ba pelo ya hao, o yang ho kena lefatsheng la bona ho le rua; empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tseo Jehova, Modimo wa hao, a tlang ho di falatsa pela hao, a tle a tiise lentswe leo Jehova a le boleletseng bontatao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, ka kano.