Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 9:7 - BIBELE

7 Ke wena Morena Modimo ya neng a kgethe Aborame, wa mo ntsha naheng ya Ure, Ure ya Bakalatiya, wa mo rea lebitso la Aborahama.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke wena Jehova, Modimo o neng o kgethe Abrahama; wa mo falatsa Ure ya Bakalde, wa mo rea lebitso la Abrahama.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 9:7
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Tera o nka mora wa hae Aborame, le Lota, setloholo sa hae, mora wa Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mosadi wa mora hae Aborame; a tloha le bona naheng ya Ure ya Bakalatiya, a fallela naheng ya Kanana. Ha ba fihla Harane, ba aha teng.


Yaba o re ho yena: “Ke nna Morena ya o ntshitseng Ure e naheng ya Bakalatiya, ho tla o nea naha ena hore e be ya hao.”


Ha o sa tla hlola o bitswa Aborame; lebitso la hao e tla ba Aborahama, hobane ke tla o etsa ntata ditjhaba tse ngata.


Nke ke! Hobane ke mo kgethile hore a tle a laele bana ba hae le lelapa la hae ho tsamaya ka tsela ya Morena ka ho etsa tse lokileng, le ho sebetsa ka toka; e le hore Morena a tle a phethe tseo a di tshepisitseng Aborahama.”


le Aborame, e leng Aborahama.


Tadimang ho ntata lona, ntata lona Aborahama, le tadime le ho Sara ya le belehileng. Ha ke bitsa Aborahama o ne a se na ngwana, ka mo hlohonolofatsa, ka ba ka mo anafatsa.


Empa Morena o ne a rata bo-ntata lona, hoo a ileng a ikgethela ditloholo tsa bona, e leng lona, a le kgetha hara ditjhaba tsohle, jwaloka kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos