Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 9:33 - BIBELE

33 Ho tsohle tse re hlahetseng o sebeditse ka toka, o tshepahetse haholo, rona re entse bokgopo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Haele wena, o entse ka ho loka tabeng tsohle tse re hlahetseng, etswe o nnile wa etsa ka nnete; empa rona re nnile ra etsa hampe.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 9:33
16 Referencias Cruzadas  

Kgopolo e jwalo, ya ho bolaya ba lokileng le ba kgopo, e ke e be hole le maikutlo a hao! Ho be siyo maikutlong a hao ho tshwantsha ba lokileng le ba kgopo! Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a ahlola ka toka?”


Oho, Morena Modimo wa Iseraele, wena o lokile, hobane ke mona kajeno re mesaletsana e phonyohileng, mme re kapele ho wena re ntse re le hara melato ya rona, le hoja re ke ke ra ema kapele ho wena, ka baka la yona.”


Kgosi tsa rona le mahosana a rona, baprista ba rona le bo-natata rona, bohle ha ba a boloka Molao wa hao, kapa ba mamela ditaelo tsa hao, le dikgalemelo tseo o ba etseditseng tsona.


Wa fumana a tshepahala ho wena, yaba o etsa selekane le yena; wa mo tshepisa naha ya Bakanana, le ya Bahete, ya Baamore, le Baperise, le Bajebuse, le Bagirigashe; wa e tshepisa le ditloholo tsa hae; jwale o phethile tshepiso ya hao, hobane wena o lokile.


O tla binela batho, ebe o re ho bona: ‘Ke entse sebe, ka kgopamisa ho loka, empa sebe seo sa ka ha ke a se otlelwa.


Modimo ha a hloke ho balla batho dinako ho tla kahlolong, kapele ho yena.


Rona le bo-ntata rona re entse dibe, re molato, re kgopo.


Morena, wena o lokile, le dikahlolo tsa hao di nepahetse.


Morena o lokile ho tsohle tseo a di etsang, mesebetsing yohle ya hae o mohau.


Yaba Moshe o kgutlela ho Morena, o fihla, a re: “Ruri setjhaba sena se entse sebe se seholo, se iketseditse modimo wa kgauta.


Wena Morena, o lokile kamehla, ha ke bea nyewe ya ka kapele ho wena, o lokile, empa a nke ke bue le wena ka toka ya hao: Ke hobaneng ha ba kgopo ba atleha mererong ya bona? Ke hobaneng ha ba bolotsana ba phela ka boiketlo?


Ke ka lebaka la bokgopo boo baahi ba yona ba bo entseng, ba nkgalefisa ka ho tjhesetsa medimo esele mokubetso, le ho sebeletsa medimo eo, eo bona kapa lona kapa bo-ntata lona ba sa kang ba e tseba.


“Morena yena o lokile, hobane ke fetohetse molao wa hae. Lona ditjhaba tsohle, mmameleng! Tadimang, le bone matshwenyeho a ka! Thwetsana ya ka le tlhankana ya ka, kaofela ha bona ba isitswe bothopuweng!


Le tla tseba hore ke nna Morena, hobane ha le a ka la latela ditaelo tsa ka, kapa la boloka melao ya ka, empa le latetse melao ya ditjhaba tse le potapotileng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos