Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 9:32 - BIBELE

32 “Jwale, ka baka lena, wena Modimo wa rona, Modimo e moholo, ya matla, Ramatshabeho, ya bolokang selekane sa hae, ya hauhelang, tsietsi tsohle tse re hlahetseng o se ka di bebola: Tse hlahetseng kgosi tsa rona le mahosana a rona, baprista ba rona le baporofeta ba rona, bo-ntata rona le tjhaba sena sa hao sohle, ho tloha mehleng ya dikgosi tsa Asure, ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Mme jwale, Modimo wa rona, Modimo o moholo, o matla, o tshabehang, o bolokang selekane le mohau; o se ke wa re, a manyenyane mahlomola ao a re hlahetseng, rona le marena a rona, le dihlooho tsa rona, le baprista ba rona, le baporofeta ba rona, le bontata rona, le setjhaba sa hao kaofela, haesale mehleng ya marena a Assiria ho tla fihla tsatsing la kajeno.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 9:32
42 Referencias Cruzadas  

mme a re: “Morena Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo ya kang wena hodimo lehodimong, kapa tlase lefatsheng, ya bolokang selekane le bahlanka ba hae, a ba bontshe mohau ha ba mo tshepa ka dipelo tsa bona tsohle.


Pule, kgosi ya Asiria, a futuhela naha ya Iseraele. Menaheme a thella Pule ka silefera e boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mararo a metso e mene hore Pule a tle a mo thuse, a mo tsitsise bokgosing.


Mehleng ya Peka, kgosi ya Iseraele, Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a futuha, mme a thopa batho ba Ione, le ba Abele-Bete-Maaka, le ba Janowa, le ba Kedeshe, le ba Hasore, le ba Gileade, le ba Galelea, le ba naha yohle ya Nafthali, a ba isa Asiria.


ho fihlela Morena a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, jwalokaha a ne a bolele ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta. Ka mokgwa o jwalo, Baiseraele ba ntshwa naheng ya bona, ba iswa naheng ya Baasiria, moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.


A futuhelwa ke Salemanesere, kgosi ya Asiria, Hoshea ya eba mohlanka wa hae, mme a mo ntshetsa lekgetho.


Ka selemo sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Asiria ya hapa motse wa Samaria. Ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria, ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane, ya ba bea le metseng ya Bamede.


Mehleng ya Josiya, Faro Neko, kgosi ya Egepeta, a nyolohela nokeng ya Euferatese ho ya thusa kgosi ya Asiria. Yaba kgosi Josiya o a mo kgaoletsa. Ba kopana Megido, mme Josiya a bolaelwa hona moo.


Ba bolaya bara ba Sedekiya moo a ntseng a ba shebile, yena ba mo honya mahlo, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ba mo isa Babilona.


le ditjhaba tse ding tsohle, tseo Asenapare ya tumileng, ya kgabane, a neng a ile a di thopa, a di bea metseng ya Samaria, le naheng yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese.


yaba di tla ho bo-Serubabele le ho dihlooho tsa malapa, di re ho bona: “Ereng re le thuse ho haha, hobane le rona re sebeletsa Modimo wa lona jwaloka lona. Haesale re mo etsetsa mahlabelo ho tloha mohla Asare-Hadone, kgosi ya Asure, a neng a re tlisa mona.”


“Tsena tsohle, tse re hlahetseng, di bakilwe ke diketso tsa rona tse kgopo, le ditshito tsa rona tse kgolo, empa wena, Modimo wa rona, o re otlile hanyenyane ho feta kamoo bokgopo ba rona bo leng kateng, mme wa re siela mesaletsana ena e teng.


Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo wa mahodimo, ke a o rapela: Wena Modimo e moholo, ya tshabehang, ya bolokang selekane sa hae sa lerato ho ba mo ratang, ba mamelang melao ya hae,


Lona ditjhaba tsohle, opang mahofi; faphang Modimo ka mehoo ya thabo.


Ereng ho Modimo: “Mesebetsi ya hao e tshabeha hakaakang! Ka baka la matla a hao a maholo, dira tsa hao di a o qekisa.


Tloong, le bohe mesebetsi ya Modimo: O a tshabeha diketsong tsa hae, ketsong tsa hae ho bana ba batho.


Moshe a phetela mohwe wa hae tsohle tseo Modimo a di entseng ho Faro le ho Baegepeta ka lebaka la Baiseraele; le ditsietsi tsohle tseo ba di fumaneng tseleng, le kamoo Modimo a ba lopolotseng kateng.


Rona re tswaletswe Ngwana, rona re filwe Mora, puso e tla ba mahetleng a hae, o tla bitswa Radimakatso le Moeletsi, Modimo ya matla, Rabosafeleng, Kgosana ya Kgotso.


Ka rapela Morena Modimo wa ka, ka etsa boipolelo bona, ka re: “Oho, Morena, wena Modimo e moholo, ya tshabehang, o baballa selekane sa hao sa lerato ka botshepehi ho ba o ratang, ba bolokang melao ya hao.


Ha re a ka ra mamela bahlanka ba hao, baporofeta, ba buileng ka lebitso la hao ho dikgosi tsa rona, le ho mahosana a rona, le ho bo-ntata rona, le ho setjhaba sohle sa naha ena.


Oho, Morena, rona le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, le bo-ntata rona, re hlajwa ke dihlong, hobane re entse sebe.


“ ‘Haeba, le ka lebaka la dintho tsena, le ntse le sa mmamele, ke tla le otlela dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa.


“ ‘Haeba le ntwantsha, le hana ho mmamela, ke tla le tlisetsa diwa tse ngata, tse menahaneng hasupa, ka baka la dibe tsa lona.


le nna ke tla le lwantsha. Ke tla le otlela dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa.


ke tla le lwantsha ke le halefetse, ke le otlele dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa.


“Haeba le mamela ditaelo tsena, le di boloka, le di phetha, Morena Modimo wa lona, o tla boloka selekane le lerato leo a neng a le hlapanyetse bo-ntata lona.


O tla le rata, a le hlohonolofatse, a le ngatafatse. O tla hlohonolofatsa bana ba lona, le ditholwana tsa masimo a lona, le koro ya lona, le veine ya lona e ntjha, le ole ya lona. O tla ngatafatsa makgomo a lona, le mehlape ya lona e tla tswala mmoella, naheng eo a hlapanyeditseng bo-ntata lona hore o tla le nea yona.


“Le se ke la di tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, o teng hara lona, mme ke Modimo e moholo, ya tshabehang.


Tsebang ke hona hore Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo. Ke Modimo ya tshepahalang, ya bolokang selekane le lerato la hae le tiileng ho ba mo ratang, le ho ba bolokang melao ya hae, ho isa melokong e sekete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos