Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 9:37 - BIBELE

37 Menono e mengata ya naha eo e jewa ke dikgosi tseo o di beileng hodima rona, wa di bea ka baka la dibe tsa rona; di re busa, le makgomo a rona di iketsetsa borata, mme rona re phela kahara tlokotsi tse kgolo!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 menono ya lona, le e atisetsa marena ao o a beileng ho re busa ka baka la dibe tsa rona; a na le matla hodima mmele ya rona le dikgomo tsa rona, kahohle kamoo a ratang kateng, mme rona re tsietsing e kgolo!

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 9:37
11 Referencias Cruzadas  

“Kgosi a e ke e tsebe hore haeba motse ona o ka fela wa tsoswa, mme marako a wona a phethwa, baahi ba wona ba ke ke ba hlola ba sa lefa lekgetho, le sethabathaba, le lekgetho la thepa, mme tjhelete ya kgosi e tla fokotseha.


“Hape ke le laela seo le tshwanetseng ho se etsetsa baholo ba Bajuda, malebana le ho hahwa ha Tempele ena ya Modimo. “Ditshenyehelo tsa bona di ntshwe letloleng la kgosi, e leng lekgethong le tswang ho baahi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, e le hore mosebetsi o se ke wa kgaotsa.


Hape re le tsebisa hore malebana le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, kapa basebeletsi ba bang ba Tempele ya Modimo, molao ha o dumelle hore ba ntshiswe lekgetho, kapa sethabathaba, kapa lekgetho la thepa ya kgwebo.


Ka re ho bona: “Ho ya kamoo re bileng le hona kateng, re lopolotse bana babo rona, e leng Bajuda ba neng ba rekiseditswe baditjhaba. Jwale lona le rekisa bana babo lona, hore re tle re ba reke hape!” Ba kgutsa tu! ba sitwa ho bua!


Baphaladisi ba rona ba re hateletse melala, re sebetsa ka thata, phomolo ha re e fumane.


Ke tla le halefela, mme le tla bolaelwa moo dira tsa lona di le bonang. Ba le hloileng ba tla le busa, mme le tla baleha ho se ya le lelekisang.


Ba mo araba, ba re: “Re ditloholo tsa Aborahama, mme ha re eso ka re eba makgoba a motho le ka mohla. O bolela jwang ha o re: ‘Le tla lokoloha’?”


Ditholwana tsa naha ya heno, le matla wohle a hao, tsena di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng, empa wena o tla hatellwa, o robokelwe kamehla.


O tla lema dirapa tsa morara, o o hlaolele, empa o ke ke wa nwa veine ya wona, kapa wa o kotula, hobane o tla jewa ke seboko.


Ka baka leo, o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Morena Modimo wa hao, a tla o romella tsona, o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka dintho tsohle. Di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, ho fihlela di o timetsa.”


Se tla ja tswala ya diphoofolo tsa hao, le ditholwana tsa naha ya heno, ho fihlela se o timetsa. Ha se na ho o siela koro, kapa veine, kapa ole, kapa manamane a dikgomo tsa hao, kapa tswala ya mehlape ya hao, ho fihlela se o timetsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos