Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 9:1 - BIBELE

1 Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi yona eo, bana ba Iseraele ba phutheha, ba itima dijo, ba apara tse mahwashe, ba itshela ka mobu dihloohong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi eo, bana ba Iseraele ba phuthehela ho itima dijo, ba apere masela a mahwashe, ba ithuntsheditse dihlooho ka lerole.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 9:1
22 Referencias Cruzadas  

Ka letsatsi la boraro a bona ho fihla monna ya tswang diahelong tsa Saule tsa ntwa, diaparo tsa hae di haraswane, hloohong a itshetse ka mobu. Yare ha a fihla ho Davida a itihela fatshe ho isa hlompho.


Jehoshafate a tshoha, mme a ipiletsa ho Morena. A phatlalatsa hore naheng yohle ya Juda ho itingwe dijo.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya bosupa, Solomone a qhala setjhaba hore se ye malapeng a sona. Setjhaba se ne se thabile, se nyakaletse, ka baka la molemo wohle oo Morena a o etseditseng Davida, le Solomone, le setjhaba sa hae sa Iseraele.


Hona moo nokeng ya Ahafa, ka phatlalatsa hore ho itingwe dijo, e le hore re tle re inyatse kapele ho Modimo wa rona, mme rona, le bana ba rona, le dintho tsa rona, a re baballe leetong la rona.


Yaba re itima dijo, re rapela Modimo wa rona, mme a re utlwa.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, moprista Esera a tlisa Molao kapele ho setjhaba sa banna, le basadi, le bohle ba nang le kutlwisiso.


“Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.”


Naheng e nngwe le e nngwe, eo taelo ena ya kgosi e ileng ya fihla ho yona, ya eba seboko se seholo hara Bajuda. Ba itima dijo, ba lla, ba bokolla; ba bangata ba ala tse mahwashe, ba ipitika moloreng.


Ha ba mmona ba sa le thokwana, ba batla ba sa mo tsebe. Ba lla sa mmokotsane, ba hahola diaparo tsa bona, ba kgopholela lerole hodimo, ba le tshela hodima dihlooho tsa bona.


Ka tsatsi leo Morena, Morena wa mabotho, a le bitsa, a le bitsetsa ho lla le ho ba bofifing, ho beola moriri le ho apara tse mahwashe.


“Hona jwale,” ho rialo Morena, “kgutlelang ho nna ka pelo tsa lona tsohle, ka ho itima dijo, ka meokgo le ka dillo.”


“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ke mokete wa maphephe, o ketekelwang Morena ka matsatsi a supileng.


“ ‘Empa ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ha le se le bokeletse dijo masimong, le tla keteka mokete wa Morena ka matsatsi a supileng. Letsatsi la pele e tla ba la phomolo, le letsatsi la borobedi e tla ba la phomolo.


Joshua le baholo ba Iseraele ba hahola diaparo tsa bona, ba itihela fatshe ka difahleho, kapele ho areka ya Morena, ho fihlela ka phirimana. Ba itshela ka lerole dihloohong.


Ke tla romela dipaki tsa ka tse pedi, di apere diaparo tse mahwashe, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng.”


Jwale bana bohle ba Iseraele, le setjhaba sohle, ba nyolohela Bethele. Ba lla, mme ba dula kapele ho Morena. Ka letsatsi leo ba itima dijo ho fihlela ka phirimana. Ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso le ka dinyehelo tsa teboho.


Monna wa Mobenjamine wa selahlamarungwana a baleha thekong ya ntwa, a ba a ya fihla Shilo ka lona letsatsi leo. Diaparo tsa hae di ne di tabohile, hlooho ya hae e tshetswe ka lerole.


Ba kopanela Misepa, ba kga metsi, ba a qhalla kapele ho Morena, ba itima dijo ka letsatsi leo, ba re: “Re sitetswe Morena!” Samuele a qala ho ba moahlodi wa bana ba Iseraele ha ba le Misepa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos