Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 8:18 - BIBELE

18 Ka letsatsi le leng le le leng, ho tloha ka letsatsi la pele, ho fihlela ka letsatsi la ho qetela, Esera a nna a bala Buka ya Molao wa Modimo. Setjhaba sa keteka mokete oo ka matsatsi a supileng, mme ka letsatsi la borobedi ya eba phutheho e halalelang, ho ya ka Molao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ha nna ha balwa bukeng ya molao wa Modimo ka tsatsi le leng le le leng, ho qala ka tsatsi la pele, ho isa ho la ho qetella. Ba etsa mokete ka tshiu tse supileng, mme ka la boroba meno e le mmedi ha etswa phutheho e kgolo haholo, kamoo taelo e neng e le kateng.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 8:18
7 Referencias Cruzadas  

Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, moprista Esera a tlisa Molao kapele ho setjhaba sa banna, le basadi, le bohle ba nang le kutlwisiso.


A o balla banna, le basadi, le batho ba nang le kutlwisiso; a o bala ho tloha hoseng ho fihlela motsheare o moholo, a le lebaleng le pela Monyako wa Metsi. Setjhaba sohle sa mamela ka hloko tse balwang Bukeng ya Molao.


Ka matsatsi a supileng le tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Ka letsatsi la borobedi le tla ba le phutheho e halalelang, mme le etsetse Morena nyehelo ya setjheso. Phutheho ena ke ya ho phomola, mme le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe.


Le tla keteka mokete ona ka matsatsi a supileng, ka selemo se seng le se seng, e le wa Morena. Ona ke molao wa mehla yohle melokong ya lona, mme le tla etsa mokete ona ka kgwedi ya bosupa.


“ ‘Ka letsatsi la borobedi le tla ba le phutheho ya phomolo, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.


Ka letsatsi la ho qetela, e leng le leholo la mokete, Jesu a ema, a howa, a re: “Ha motho a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos