Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 8:17 - BIBELE

17 Setjhaba sohle sa batho ba neng ba etswa bothopuweng sa iketsetsa maphephe, sa dula ho wona. Ho tloha mehleng ya Joshua, mora wa Nune, ho fihlela ka letsatsi leo, bana ba Iseraele ba ne ba eso ka ba etsa jwalo, mme ba thaba haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Phutheho kaofela ya ba kgutlileng kgolehong ya etsa metlotlwane jwalo, mme ba dula metlotlwaneng eo. Hobane bana ba Iseraele ba ne ba eso ho etse jwalo, haesale le mehleng ya Joshua, mora Nune, ho fihlela la kajeno. Monyaka wa eba moholo.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 8:17
13 Referencias Cruzadas  

Ka lona letsatsi leo ba eja, ba enwa ba nyakaletse haholo, ba le kapele ho Morena. Ba boela ba bea Solomone, mora wa Davida, kgetlo la bobedi, hore e be kgosi; ba mo tlotsetsa Morena, hore e be mmusi e moholo, Sadoke yena e be moprista.


Thabo ya eba kgolo Jerusalema, hobane haesale ho tloha mehleng ya Solomone, mora wa Davida, kgosi ya Iseraele, ho ne ho eso ka ho eba le ntho e tshwanang le ena, Jerusalema.


Ho ne ho eso ka ho eba le mokete wa Paseka o jwalo, o kileng wa eba teng naheng ya Iseraele, ho tloha mehleng ya moporofeta Samuele. Le dikgosi tsohle tsa Iseraele di ne di eso ka di etsa mokete wa Paseka o jwaloka oo Josiya a ileng a o etsa le baprista, le Balevi, le setjhaba sohle sa Juda, le Baiseraele ba neng ba le teng, le baahi ba Jerusalema.


A etsa ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi, ho latela molao wa Moshe o amanang le disabatha, le mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le mekete e meraro e halalelang, e leng mokete wa bohobe bo sa lomoswang, mokete wa dibeke, le mokete wa maphephe.


Ba keteka mokete wa maphephe, jwalokaha ho ngotswe Molaong. Ka letsatsi le leng le le leng ba etsa dinyehelo tsa setjheso, tse lekanang letsatsi ka leng, ho ya kamoo ho laetsweng kateng.


Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.


Ka matsatsi a supileng, le tla ketekela Morena Modimo wa lona, mokete, sebakeng seo Morena a tla se kgetha, hobane Morena Modimo wa lona, o tla hlohonolofatsa tsohle tseo le di kotutseng, le mesebetsi yohle ya matsoho a lona, mme ho lona e be thabo feela.


Batho bao kaofela ba ile ba shwela tumelong, ba eso amohele tseo ba neng ba di tshepisitswe, empa ba di bonetse hole feela, ba di thabetse, mme ba ipoletse hore ke baeti le bajaki lefatsheng lena.


Ka tumelo ya eba mojaki naheng eo a e tshepisitsweng. A phela ditenteng le Isaka le Jakobo, bao e bileng majalefa a tshepiso e le nngwe hammoho le yena.


Hoja Joshua o ne a ile a fela a ba phomotsa, hamorao Modimo a ka be a sa ka a bolela letsatsi le leng hape.


Hoba Moshe, mohlanka wa Morena, a shwe, Morena a bua ho Joshua, mora wa Nune, lehlahana la Moshe, a re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos