Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 8:16 - BIBELE

16 Yaba setjhaba se a ya, se tla le makala ao. Sa iketsetsa maphephe; batho ba iketsetsa maphephe kahodima marulelo a matlo a bona, le ka mabaleng a bona, le ka mabaleng a Tempele ya Modimo, le lebaleng la Monyako wa Metsi, le lebaleng la Monyako wa Efraime.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Kahoo, setjhaba sa ya lata makala, mme ba iketsetsa metlotlwane, e mong le e mong hodima ntlo ya hae, kapa lebaleng la hae, le mabaleng a ntlo ya Modimo, le lepatlelong la monyako wa Metsi, le lepatlelong la monyako wa Efraime.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 8:16
12 Referencias Cruzadas  

Ka tsatsi le leng, motsheare wa mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae. Ha a ntse a otlolla maoto hodima marulelo a ntlo ya bokgosi, a bona mosadi a ntse a tola. Mosadi eo o ne a le motle haholo.


Moo Bete-Shemeshe, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a thopa Amasiya, kgosi ya Juda, mora wa Jowashe, setloholo sa Akasiya. A fihla Jerusalema, a heletsa lerako la yona ho tloha kgorong ya Efraime, ho ya fihla kgorong e hukung. E ne e le sebaka se ka bang bolelele ba dimethara tse makgolo a mabedi.


Jehoshafate a ema kahara setjhaba sa Juda le sa Jerusalema, a le Tempeleng ya Morena, kapele ho seotlwana se setjha.


A hahela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, dialetare mabaleng a mabedi a Tempele ya Morena.


Ha ba fihla Monyako wa Sediba, o neng o le malebana le bona, ba nyoloha ka mehato ya motse wa Davida, moepeng o nyolohelang lerakong, kahodimo ho ntlo ya Davida, ho ya fihla Monyakong wa Metsi.


le kahodima Monyako wa Efraime, le kahodimo ho Monyako wa Kgale, le kahodima Monyako wa Ditlhapi, le Tora ya Hananele, le Tora ya Mea, ho ya fihla Monyakong wa Dinku. Batho bana ba fihla ba ema Monyakong wa Tjhankana.


Basebeletsi ba Tempele, ba neng ba phela Ofele, ba tsosa lerako ka nqa botjhabela, moo le tobaneng le Monyako wa Metsi, le tora e entseng motsu.


Setjhaba sohle sa kgobokana lebaleng le pela Monyako wa Metsi, se le kgopolo e le nngwe. Sa re ho Esera, eo e neng e le Setsebi sa Molao, a tlise Buka ya Molao wa Moshe, oo Morena a neng a o beele bana ba Iseraele.


A o balla banna, le basadi, le batho ba nang le kutlwisiso; a o bala ho tloha hoseng ho fihlela motsheare o moholo, a le lebaleng le pela Monyako wa Metsi. Setjhaba sohle sa mamela ka hloko tse balwang Bukeng ya Molao.


Matlo a Jerusalema le matlo a dikgosi tsa Juda a tla silafatswa jwaloka sebaka sa Tofete, ka baka la matlo wohle ao ba ileng ba hlwella hodima wona, ba tjhesetsa mokubetso hodima marulelo a wona, ba o tjhesetsa dinaledi, mme ba qhatsetsa medimo esele nyehelo ya dino.’ ”


Bakalatiya ba futuhetseng motse ona, ba tla fihla ba o tjhese ka mollo, hammoho le matlo ao beng ba wona ba nkgalefisitseng ka ho tjhesetsa Baale mokubetso hodima marulelo a matlo ao a bona, le ka ho etsetsa medimo esele nyehelo ya dino.


“Ha o haha ntlo e ntjha, dintshing tsa marulelo a yona a sepapetlwa o hahe motero o a potapotang, e le hore ntlo ya hao e se ke ya ba le molato wa ho tsholoha ha madi, haeba motho a ka wa a le hodima yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos