Nehemia 8:15 - BIBELE15 le hore ba hlabe mokgosi, ba phatlalatse metseng yohle ya bona, le Jerusalema, ba re: “Nyolohelang thabeng, le reme makala a mohlwaare oo ditholwana tsa wona di etsang ole, le a mohlwaare wa naha, le makala a mohlakola, le makala a dipalema, le makala a difate tse mahlaku a teteaneng, ho tla etsa maphephe jwalokaha ho ngotswe.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)15 le hore ba tshwanetse ho tumisa ka mokgosi le ka mangolo metseng yohle ya bona le Jerusalema taba e reng: Eyang thabeng, le late makala a mohlwaare o beang ole, le makala a mohlwaare wa naha, le makala a mirta, le makala a palema, le makala a difate tse mahlaku a teteaneng, le tle le etse metlotlwane ka wona, kamoo ho ngodilweng kateng. Ver Capítulo |
Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona letshwelehadi leo ho neng ho se motho ya ka le balang. E ne e le ba mefuta yohle, le ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba eme kapele ho terone le kapele ho Konyana, ba apere diaparo tse tshweu, ba tshwere makala a dipalema matsohong a bona.