Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 9:24 - BIBELE

24 Bana bao ba kena, ba ikgapela naha; wa kokobetsa Bakanana, baahi ba pele ba naha, wa neelana ka bona matsohong a Baiseraele, hore ka kgosi tsa bona ho etswe borata, le ka baahi ba tsona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Bana ba bona ba fela ba kena, ba rua lefatshe; wa kokobetsa pela bona ba neng ba ahile lefatsheng leo, e leng Bakanana, mme wa ba neela matsohong a bona hammoho le marena a bona le ditjhaba tsa lefatshe, hore ba etse ka tsona kamoo ba ratang kateng.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 9:24
13 Referencias Cruzadas  

“Ha ke re Morena Modimo wa lona, o na le lona? Ha ke re o le neile kgotso kahohle? O neelane ka baahi ba naha ena matsohong a ka, mme naha ena e buswa ke Morena le setjhaba sa hae.


Bajuda ba bolaya dira tsohle tsa bona ka sabole, ba di rinya, ba di timetsa, mme ba iketsetsa borata ka ba neng ba hloile Bajuda.


Empa bana ba lona, bao le itseng ba tla hapuwa, bona ke tla ba finyeletsa naheng eo, mme ba tla tseba naha eo le e hanneng.


ba hlaphohelwe, mme ba phonyohe lerabeng la Diabolosi ya ba tshwasitseng hore ba etse thato ya hae.


Ka mokgwa o jwalo, a bolaya baahi ba naha eo yohle e maralla, le e ka borwa, le e diphuleng, le e matswapong, le dikgosi tsohle tsa yona; a se ke a siya le ya mong. Tsohle tse phelang a di timetsa ho hang, jwalokaha Morena Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.


Ka mokgwa o jwalo Joshua a hapa naha yohle, ho ya ka tsohle tseo Morena a ileng a di laela Moshe. Joshua a nea Baiseraele naha eo e le lefa la bona, ho ya ka dikarolo tsa bona, le ka merabe ya bona. Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa.


le kgosi ya Egelone, le kgosi ya Gesere,


le kgosi ya Tiresa. Dikgosi tsena tsohle di ne di le mashome a mararo a motso o mong.


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa phuthehela Shilo, mme sa hloma Tente ya Morena hona moo, hobane se ne se se se hapile naha eo.


Morena a nea Baiseraele naha yohle eo a neng a hlapanye hore o tla e nea bo-ntata bona, mme ya eba ya bona, ba aha ho yona.


Ha se ke ha haella letho la tse molemo, tseo Morena a neng a buile ka tsona ho ba ntlo ya Iseraele. Tsohle tsa phethahala.


Ka lona letsatsi leo Modimo a kokobetsa Jabine, kgosi ya Kanana, kapele ho bana ba Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos