Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 9:23 - BIBELE

23 Wa anafatsa bana ba bona sa naledi tsa lehodimo, wa ba fihlisa naheng e tshepisitsweng bo-ntata bona, hore ba kene ho yona, ba ikgapele yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Wa atisa bana ba bona, ba eba ka ka dinaledi tsa lehodimo, mme wa ba kenya lefatsheng leo o neng o boleletse bontata bona hore ba tla kena ho lona, ba le rue.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 9:23
12 Referencias Cruzadas  

Morena a iponahatsa ho Aborame, a re: “Naha ena ke tla e nea ditloholo tsa hao.” Yaba Aborame o hahela Morena ya iponahaditseng ho yena aletare.


Ka lona tsatsi leo Modimo a etsa selekane le Aborame, a re: “Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena, ho tloha nokaneng ya Egepeta ho isa Nokeng e Kgolo, e leng ya Euferatese;


A mo nkela kantle mme a re ho yena: “Tadima lehodimong, mme o bale dinaledi, haeba o ka tseba ho di bala;” mme a re: “Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo.”


Naha eo o jakileng ho yona, naha yohle ya Kanana, ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao, e be leruo la mehla yohle, mme ke tla ba Modimo wa tsona.”


ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, ditloholo tsa hao ke di ngatafatse jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong le lewatle. Ditloholo tsa hao di tla hapa metse ya dira tsa tsona.


Jaka naheng eo, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane wena le ditloholo tsa hao ke tla le nea dinaha tsena tsohle. Ke tla tiisa kano eo ke neng ke e hlapanyetse ntatao Aborahama.


Empa Davida ha a a ka a bala ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya tlase, hobane Morena o ne a itse o tla ngatafatsa Baiseraele, ba be kaalo ka dinaledi tsa lehodimo.


Empa leha Baiseraele ba ntse ba tujwa hakaalo, bona ba nna ba ngatafala, ba tlala hohle. Baegepeta ba tshoha bana ba Iseraele,


Bana ba Iseraele ba beleha haholo, ba ata, ba ngatafala, ba eba matla haholo, hoo ba ileng ba tlala naha yohle ya Egepeta.


Le tla sala le le mmalwana ka palo, le hoja le ne le le letshwele le lekaalo ka dinaledi tsa lehodimo, hobane ha o a ka wa mamela lentswe la Morena Modimo wa hao.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos