Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 9:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Bana ba bona ba fela ba kena, ba rua lefatshe; wa kokobetsa pela bona ba neng ba ahile lefatsheng leo, e leng Bakanana, mme wa ba neela matsohong a bona hammoho le marena a bona le ditjhaba tsa lefatshe, hore ba etse ka tsona kamoo ba ratang kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Bana bao ba kena, ba ikgapela naha; wa kokobetsa Bakanana, baahi ba pele ba naha, wa neelana ka bona matsohong a Baiseraele, hore ka kgosi tsa bona ho etswe borata, le ka baahi ba tsona.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 9:24
13 Referencias Cruzadas  

Na Jehova, Modimo wa lona, ha a na le lona na? Hape, na ha a ka a le fa phomolo ka nqa tsohle na? Hobane o fela a neile baahi ba lefatshe matsohong a ka, mme lefatshe le kokobeditswe pela Jehova le pela setjhaba sa hae.


Bajuda ba bolaya dira tsohle tsa bona ka lerumo, ya eba polao le timetso e kgolo, mme ba etsa ba ba hloileng ka thato ya bona.


Haele bana ba lona, bao le itseng ba tla hapuwa, ke tla ba kenya teng, mme ba tla tseba naha eo le e nyatsitseng.


mme ba tlohe lerabeng la Diabolose, ya ba tshwasitseng hore ba etse kamoo a ratang kateng.


Joshua a hlola fatshe leo lohle jwalo, le dithaba, le naha e ka nqa borwa, le mahwatata, le maralla, le marena wohle a teng; ha a ka a siya motho le a mong, a mpa a timetsa bohle ba phelang, jwalokaha Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.


Joshua a hapa lefatshe lohle jwalo, a etsa ka tsohle tseo Jehova a neng a di boleletse Moshe, mme Joshua a le nea Iseraele hore ba le rue, ka methapo ya bona le ka meloko ya bona; mme lefatshe la phomola, ntwa e le siyo.


e mong, ke morena wa Eglone; e mong, ke morena wa Gesere;


e mong, ke morena wa Thirtsa; marena ao wohle a mashome a mararo a motso o mong.


Yaba phutheho yohle ya bana ba Iseraele e bokana Silo, ya hloma tente ya pokano teng; ke ha lefatshe le se le hapilwe ke bona.


Ke wona mokgwa oo Jehova a neileng Iseraele lefatshe lohle leo a neng a hlapanyeditse bontata bona hobane o tla ba nea lona; ba le rua, mme ba aha teng.


Ha ho a ka ha hlokeha taba leha e le nngwe ya tsohle tse molemo tseo Jehova a neng a di boleletse ntlo ya Iseraele; tsohle tsa etsahala.


Tsatsing leo, Modimo wa kokobetsa Jabine, morena wa Kanana, pela bana ba Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos