Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 9:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ba nka metse e marako le naha e nonneng, ba rua matlo a tletseng menono ya mefuta yohle, le didiba tse tjhekilweng, le merara, le mehlwaare, le difate tse ngata tse beang ditholwana; ba eja, ba kgora, ba nona, mme ba phela menyakeng yohle ka baka la molemo wa hao o moholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Ba hapa diqhobosheane le naha e manoni, ba hapa le matlo a tletseng mefuta yohle ya thepa; didiba tse tjhekilweng, masimo a morara le a mohlwaare, le fate tsa tholwana tse ke ke be tsa balwa. Ba eja, ba kgora, mme ba atleha, ba atleha, ba phela ka boiketlo, tse molemo tsa hao tsa ba thabisa.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 9:25
25 Referencias Cruzadas  

o entse hampe ho feta bohle ba bileng teng pele ho wena, kamoo o ileng wa iketsetsa medimo esele kateng le ditshwantsho tse tsholotsweng, hore o phephetse kgalefo ya ka, mme wa ntahlela kamora mokokotlo wa hao.


Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, Salomone a kgutlisa setjhaba; hobane ba hlohonolofatse morena, ba ikela hae tenteng tsa bona ka pelo tse thabileng, tse nyakaletseng ke molemo wohle oo Jehova a o etseditseng Davida, mohlanka wa hae, le setjhaba sa hae sa Iseraele.


Hape, ho buseng ha bona, leha o ne o ntse o ba sitsa ka melemo e mengata, mme o ba neile lefatshe le batsi, le enneng, ha ba ka ba o sebeletsa, mme ha ba ka ba sokoloha diketsong tse mpe tsa bona.


A ba fa mafatshe a dijhaba, ba inkela mesebetsi ya merabe;


O rwesa selemo molemo wa hao, nala e latela mehlala ya hao;


esere mohlomong ha ke kgotshe, ka o latola, ka re: Jehova ke mang na? mohlomong ha ke fumanehile, ka utswa, mme ke tlaela ka lebitso la Modimo wa ka.


Nontsha pelo tsa batho bao, o thatafatse ditsebe tsa bona, o ba pompatse mahlo, hore ba se bone ka mahlo, ba se utlwe ka ditsebe, dipelo tsa bona di se elellwe, ba se ke ba baka, ba fola.


Ke tla bina mehauhelo ya Jehova le dithoko tsa Jehova hodima tsohle tseo Jehova a di entseng bakeng sa rona, le hodima lereko le leholo leo a rekolohetseng ntlo ya Iseraele ka lona, leo a ba etseditseng lona ka mohau wa hae le ka boholo ba mehauhelo ya hae.


Ke le tlisitse lefatsheng la nala, hore le tle le je ditholwana tsa lona le monono wa lona; le ile la kena, mme le silafaditse lefatshe la ka, le lefa la ka le le entse manyala.


Ke tla kgorisa meya ya baprista mafura, mme setjhaba sa ka se tla kgora menate ya ka, ho bolela Jehova.


Mme ba bile ba tla, ba le rua, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la hao, mme ha ba ka ba tsamaya melaong ya hao; tsohle tseo o nnileng wa ba laela tsona hore ba di etse, ha ba ka ba di etsa; eba ke moo o ba hlahiseditseng bobe bona kaofela.


mohlang oo, ke ne ke ba emiseditse letsoho la ka, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta, ke ba ise naheng eo ke ba batletseng yona, e kollang lebese le dinotshi, e leng e ntlentle hara dinaha tsohle;


O tla kena nakong ya kgotso karolong tsa naha tse fetisang ka monono, mme o tla etsa se sa kang sa etswa ke bontatae le ke bontatae moholo; o tla arola kgapo le thepa le maruo, a rere ho heletsa diqhobosheane, a etse hoo ho isa nakong e beilweng.


Ha ba ntse ba fula, ba ile ba kgora; mme ha ba kgotse, pelo tsa bona tsa ikgohomosa; ba ntebetse ke hona.


Empa hamorao, bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona; mehleng ya morao, ba tla itlhahanela ho Jehova le ho molemo wa hae.


Kapa, o nyedisa monono wa mosa wa wona, le wa sebete sa wona, le wa pelo ya wona e telele, ka ho se lemohe hoba molemo wa Modimo o o kgannela pakong na?


Metse eo yohle e ne e teetswe hare ke marako a malelele, e na le menyako le mekwallo, ho sa balwe metse e mengatangata e se nang marako.


O mo hlwesitse dithota tse phahameng tsa lefatshe, a ba a ja dijo tsa naha; a mo momontshitse dinotshi tse tswang mafikeng, le ole e tswang majweng a thata;


o mo fepile ka sereledi sa dikgomo, le ka lebese la dinku, le ka mafura a dikonyana, le ka dipheleu tse tswaletsweng Bashane; ka diphooko, le ka lefi la koro ya sebelebele e nonneng; mme o nwele veine ya sebele, metsi a mafubedu a morara.


Empa Jeshurune a nona, mme a raha. Wa nona, wa iketsa ya nyenya, le ya kgurumeditsweng ke mafura. O lahlile Modimo o mo entseng, o nyedisitse Lefika la poloko ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos