Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 9:27 - BIBELE

27 Wa ba neela dira tsa bona ho ba tuba, tlokotsing tsa bona ba ipiletsa ho wena, mme wa ba utlwa o le hodimong la hao. Ka baka la mehauhelo ya hao e mengata, wa ba nea bapholosi, ba ba lopolla ho dira tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ka baka leo, wa nna wa ba neela matsohong a dira tsa bona, tsa nna tsa ba tshwenya; mehleng ya matshwenyeho a bona, ba nnile ba howeletsa ho wena; wena, wa ba utlwa o le mahodimong, mme mehauhelong ya hao e mengata wa ba nea banamoledi ba ba namolelang matsohong a dira tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 9:27
19 Referencias Cruzadas  

Empa Morena a fa Baiseraele mopholosi, mme ba tswa tlasa puso ya Baarame. Bana ba Iseraele ba boela ba iphelela malapeng a bona jwaloka pele.


Morena o ne a sa ka a re o tla hlakola lebitso la Iseraele lefatsheng; ka hona a ba pholosa ka Jeroboame, mora wa Jehowashe.


Morena a furalla ditloholo tsohle tsa Baiseraele, a di hlokofatsa, a neelana ka tsona matsohong a batlatlapi ba tsona, ho fihlela a di lelekela hole le sefahleho sa hae.


le mpe le hlomphe Morena Modimo wa lona, mme o tla le namolela matsohong a dira tsa lona tsohle.”


Morena a etsa hore kgosi ya Bakalatiya e ba futuhele; ya bolaya bahlankana ka sabole, ya ba bolaela ka Sehalalelong sa Tempele. Ya se ke ya hauhela bahlankana, kapa barwetsana, kapa maqheku, kapa ba seng ba kgokgoba ke botsofadi; Morena a neelana ka bona bohle matsohong a kgosi eo.


Empa ha o a ka wa ba furalla lehwatateng, hobane mohau wa hao o moholo haholo; motsheare leru le lopaletseng ha le a ka la nyamela, la nna la ba etella pele tseleng ya bona; bosiu kganare e lopaletseng ha e a ka ya fifala, ya nna ya ba bonesetsa ha ba ntse ba tsamaya.


A re phamola ho dira tsa rona; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


Ke tla le halefela, mme le tla bolaelwa moo dira tsa lona di le bonang. Ba le hloileng ba tla le busa, mme le tla baleha ho se ya le lelekisang.


Bapholosi ba bona ba tla nyoloha, ba nyolohele thabeng ya Sione, ba buse dithaba tsa Esau, mme mmuso e tla ba wa Morena.


E ne e ye ere ha Morena a ba hlahisetsa moahlodi, Morena o ne a ye a be le moahlodi eo, a ba pholose matsohong a dira tsa bona, ka matsatsi wohle a ho phela ha moahlodi eo. Morena o ne a ba utlwela bohloko ka baka la ho dumaela ha bona ho bakwang ke ba ba hateletseng, ba ba robokelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos