Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 9:17 - BIBELE

17 Ba hana ho mamela, ba lebala ketso tsa hao, dimakatso tsa hao, tse entsweng hara bona; ba se ke ba di natsa, ba ba manganga, ba o fetohela, ba ikgethela moetapele, hore a ba busetse bokgobeng ba bona. Empa o Modimo ya tshwarelang kamehla, o lereko, o mohau, o dieha ho halefa, o bile o lerato, mme ha o a ka wa ba furalla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 ba hana ho utlwa, mme ha ba ka ba elellwa dimakatso tsa hao tseo o ba etseditseng tsona; ba mpa ba satalatsa melala ya bona, mme boikgantshong ba bona, ba ipeela morena, ba tle ba kgutlele kgolehong ya bona. Empa wena, o Modimo o tletseng tshwarelo le mohau le lereko, o diehang ho halefa, o tletseng kgauhelo; ke kahoo o sa kang wa ba furalla.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 9:17
43 Referencias Cruzadas  

Ke tla phela hara bana ba Iseraele, mme nke ke ka furalla setjhaba sa ka sa Iseraele.”


Morena Modimo wa rona, a be le rona, jwalokaha a bile le bo-ntata rona; a se ke a re lahla, a re furalla.


Sedekiya a fetohela kgosi Nebukadenesare, ya neng a ile a mo hlapantsha ka Modimo. Empa Sedekiya a satalatsa molala, a thatafatsa pelo ya hae, a se ke a kgutlela ho Morena Modimo wa Iseraele.


Re ne re le makgoba, empa Modimo wa rona ha a a ka a re tlohela bokgobeng boo ba rona; o entse hore dikgosi tsa Peresiya di re hauhele, re tsohe molota, re tle re hahe Tempele ya Modimo wa rona, re e lokise moo e senyehileng teng, ho sireletswe Juda le Jerusalema.


Empa ka baka la mehauhelo e meholo ya hao, ha o a ka ba timetsa le ho ba furalla, hobane o Modimo ya lereko, ya mohau.


Empa ba phakisa ho lebala, ho lebala diketso tsa hae, ba tlohela ho batla keletso ho yena.


Bo-ntata rona, ha ba sa le Egepeta, ha ba a ka ba utlwisisa dimakatso tsa hao; ba ile ba lebala mohau wa hao o moholo, ba mpa ba fetohela Ya Hodimodimo ha ba le Lewatleng la Sufe.


Empa wena o a re tshwarela, e le hore re tle re o hlomphe.


Ha ba a ka ba boloka selekane, selekane sa Modimo, ba hana ho tsamaya ka Molao wa hae.


Ba lebala diketso tsa hae, ba lebala le dimakatso tsa hae, tseo a ba bontshitseng tsona.


Empa yena, ka ho ba utlwela bohloko, a ba tshwarela molato wa bona, a se ke a ba timetsa; ka makgetlo a kokobetsa kgalefo ya hae, bohale ba hae ba se ke ba tlokoma.


Empa wena Morena, o Modimo o na le kutlwelobohloko le mosa, o dieha ho halefa, o tletse mohau le botshepehi.


Wena Morena, o molemo, o a tshwarela; mohau wa hao o moholo ho bohle ba ipiletsang ho wena.


Morena a boela a re ho Moshe: “Setjhaba sena ke se bone; ke setjhaba se manganga.


Kaha le hanne ha ke le bitsa, ha ke otlolla tsoho la ka la se ke la ela hloko;


Empa tjhaba sa ka se ile sa ntebala, sa tjhesa mokubetso, sa o tjhesetsa medimo ya bohata; medimo ena e entse hore se be se kgoptjwe, se kgoptjwe ha se tsamaya tseleng tsa sona, ha se tsamaya tseleng tsa boholoholo; ya se hlahlathedisa tseleng tse kathoko, tse sa batallang, tse tletseng makukuno.


“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Mamelang! Motse ona le metsana yohle e o potapotileng ke tla e dihela koduwa tseo ke di boletseng, hobane setjhaba sena se ile sa satalatsa melala ya sona, sa hana ho mamela dipolelo tsa ka.’ ”


Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe tsa bona feela. Ba ile ba satalatsa melala, ba etsa tse kgopo ho feta tse neng di etswe ke baholoholo ba bona.’


Empa ka baka la bokgopo ba yona e fetohetse melao ya ka le ditaelo tsa ka ho feta ditjhaba tsohle le dinaha tsohle tse e potapotileng. Jerusalema e lahlile melao ya ka, ha e a latela ditaelo tsa ka.”


Morena Modimo wa rona yena o mohau, o a tshwarela, leha rona re mo fetohetse.


Pelo tsa lona di ke di swabe, ho ena le ho hahola diaparo tsa lona. Kgutlelang ho Morena, Morena Modimo wa lona, hobane o mosa, o mohau, o dieha ho halefa, o tletse lerato, o hauhela ba etsang bokgopo.


Empa leha ho le jwalo, ha ba le naheng ya dira tsa bona ha ke na ho ba lahla; ha ke na ho ba hloya hoo nka ba timetsang ho hang, ka ba ka senya selekane sa ka le bona, hobane ke nna Morena Modimo wa bona.


Morena o dieha ho halefa, o matla haholo, a ke ke a lesa ho otla ba molato. O tsosa setsokotsane le sefefo ha a tsamaya, maru a ke lerole maotong a hae.


Morena a re ho Moshe: “Setjhaba see se tla nnyedisa ho fihlela neng? Se tla hana ho ntumela ho fihlela neng, leha se bone dipontsho tsohle tseo ke di entseng hara sona?


Empa Moshe a re: “Ke ka baka lang ha le tlola taelo ya Morena, ha e le moo ho bonahala hore e ke ke ya atleha?


Ebile ha o a re fihlisa naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi. Ha wa re nea lefa la naha le masimo a morara. Na o tla foufaletsa banna baa nnete ya ditaba? Rona ha re ka ke ra nyolohela ho wena mono!”


“Empa bo-ntata rona ba ile ba hana ho mo mamela, ba mo sutumeletsa thoko, dipelo tsa bona tsa kgutlela Egepeta,


O itse ho Moshe: “Ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, ke utlwele bohloko eo ke mo utlwelang bohloko.”


Hlokomelang, le se ke la hana ho mamela ya buang. Baiseraele ba ileng ba hana ho mamela, ha a ba lemosa a le lefatsheng, ha ba a ka ba phonyoha. Jwale ebe rona re ka phonyoha jwang, haeba re furalla ya re lemosang a le lehodimong?


Morena a ke ke a furalla setjhaba sa hae, ka lebaka la lebitso la hae le leholo, hobane Morena o ratile ho le etsa setjhaba sa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos