Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 9:13 - BIBELE

13 Wa ba wa theohela hodima Thaba Sinai, wa bua le bona o theoha lehodimong; wa ba nea kahlolo tse lokileng le melao ya nnete, temoso tse lokileng le tsona ditaelo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Wa ba wa theohela thabeng ya Sinai, wa bua le bona o le mahodimong; wa ba nea dikahlolo tse lokileng le melao ya nnete, le ditemoso tse molemo le ditaelo.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 9:13
27 Referencias Cruzadas  

Kamehla yohle le boloke ditaelo le melao eo a le ngoletseng yona, mme le se ke la hlompha medimo e meng.


Esera enwa ke yena ya ileng a nyoloha Babilona. E ne e le setsebi sa Molao wa Moshe, oo Morena Modimo wa Iseraele, a ileng a fana ka wona. Kahobane Morena Modimo wa hae, a ne a mo hlohonolofaditse, kgosi Aretaseresese a mo nea tsohle tseo a neng a di kopa.


Morena, wena o lokile, le dikahlolo tsa hao di nepahetse.


Nnete ke moko wa lentswe la hao, dikahlolo tsohle tsa hao ke tse lokileng, ke tsa mehla yohle.


O re neile ditaelo tsa hao, hore re di boloke ka ho tlala.


Moshe a re ho bona: “Sena ke seo Morena a se boletseng: ‘Hosasane ke letsatsi la phomolo; ke letsatsi la phomolo la Sabatha sa Morena. Seo le se besang le se bese, seo le se apehang le se apehe; sohle se salang le se bolokele la hosasane.’ ”


Se itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka letsatsi la boraro Morena o tla theohela hodima thaba ya Sinai, moo batho bohle ba tla mmona.


Yaba Modimo o bua mantswe ana wohle, o re:


Morena a re ho Moshe: “O tle o bue tjena ho bana ba Iseraele: ‘Le bone hore ke buile le lona ke le mahodimong.


Oho, hoja wa phetla mahodimo wa theoha, thaba di tle di reketle ha di o bona!


Ha o ne o etsa tse tshosang, tseo re neng re sa di lebella, o ile wa theoha, thaba tsa reketla ha di o bona.


Modimo o fihlile a etswa Temana, Ya Halalelang a etswa Thabeng ya Parane. Tlotla e aparetse mahodimo, fatshe le tletse dithoko tsa hae.


Ha ke etsa seo ke sa rateng ho se etsa, hona ke ho dumela hore molao o nepahetse.


A na a re: “Morena o ne a etswa Sinai, tjhaba a se tjhabela a etswa Seire; a phatsima a le hodima Thaba ya Parane, kete tsa bahalaledi di mo apere, ka le letona a utlile sabole e tukang malakabe.


Na setjhaba se teng se kileng sa utlwa lentswe la Modimo a bua a le kahara mollo, jwalokaha lona le le utlwile, sa nna sa phela?


O ile a etsa hore le utlwe lentswe la hae le etswa lehodimong, ho le ruta. Mona lefatsheng o ile a le bontsha mollo wa hae o moholo, mme le ile la utlwa dipolelo tsa hae di etswa kahara mollo.


Ke setjhaba sefe se teng, se seholo, se nang le melao, le ditaelo tse lokileng, jwaloka molao oo wohle, oo ke o hlahisang kapele ho lona kajeno?


Morena o ile a bua le rona difahleho di tadimane, a le hodima thaba, a bua a le kahara mollo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos