Haele Hadade, a balehela Egepeta, a ena le Baedomo ba bang, bahlanka ba ntatae; ke ha Hadade a sa le monyenyane.
Mattheu 2:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ba se ba tlohile, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, mme o dule teng, ke tle ke be ke o bolelle; hobane Heroda o tla batla ngwana ho mmolaya. BIBELE Hoba Ba Bohlale ba kgutle, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa torong, la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o hlole teng ho fihlela ke o bolella, hobane Heroda o makgatheng a ho batla ngwana hore a mmolaye.” Baasraak Sotho NT Eitse hobane ba tsamaye, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o dule teng, ke be ke o bolelle; o tla batla ngoana e monyenyane ho mo timetsa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse hobane ba tsamaye, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o dule teng, ke be ke o bolelle; o tla batla ngoana e monyenyane ho mo timetsa. |
Haele Hadade, a balehela Egepeta, a ena le Baedomo ba bang, bahlanka ba ntatae; ke ha Hadade a sa le monyenyane.
Jehova a iponahatsa ho Salomone, Gibeone, ka toro ya bosiu, mme Modimo wa mmolella, wa re: Kopa seo ke tla o nea sona.
O bua ka ditoro, ka dipono tsa bosiu, ha batho ba tshwerwe ke boroko, mme ba robetse diphateng tsa bona.
Yaba Faro o laela setjhaba sa hae kaofela a re: Bana bohle ba batona ba hlahang, le tle le ba lahlele nokeng, mme bana bohle ba batshehadi le ba tlohele.
Empa, eitse ha a sa hopotse teng, lengeloi la Morena la mo hlahela ka toro, la re: Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria, mosadi wa hao, hobane se emotsweng ke yena, ke sa Moya o Halalelang.
Etlere ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong; hobane kannete ke re ho lona: Mora motho o tla hlaha, le eso ho qete metse yohle ya Iseraele.
Eitse ha ba senoletswe ke Modimo ka toro, hore ba se ke ba boela ho Heroda, ba kgutlela lefatsheng la bona ka tsela esele.
Jwale, Heroda ha a bona hobane o phomilwe ke ba bohlale, a halefa haholo; a romela ho bolaya bana bohle ba Bethlehema le ba naha yohle ya teng, ba lemo tse pedi le ba ba hlahlamang, a lekanya ka nako eo a e botsisisitseng ba bohlale.
Empa, eitse hobane a utlwe ha ho thwe, Arkelause o busa Judea, tulong tsa ntatae Heroda, a tshaba ho ya teng; mme ha a senoletswe ke Modimo ka toro, a kgutlela naheng ya Galelea.
Ba re: Kornele, molaodi wa lekgolo, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya roriswang ke setjhaba kaofela sa Bajuda, o laetswe ke Modimo ka lengeloi le halalelang, ho o biletsa tlung ya hae, a tle a utlwe seo o tla mmolella sona.
Yare hobane lengeloi le buang le Kornele le tlohe, a bitsa bahlanka ba hae ba le babedi, wa boraro e le mohlabani ya tshabang Modimo, wa ba dulang ho yena.
Ebile moo Petrose a elellwang, a re: Jwale, ke tseba kannete hobane Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse letsohong la Heroda le tebellong yohle ya setjhaba sa Bajuda.
Empa hang, lengeloi la Morena la hlaha, mme lesedi la kganya teronkong; yaba le sisinya Petrose lehlakoreng, la mo tsosa, la re: Tsoha kapele. Yaba mahlaahlela a wa matsohong a hae.
Molebedi wa teronko a bolella Pauluse taba eo, a re: Babusi ba rometse hore le leswe, le ikele; jwale, le ka tswa, la ikela ka kgotso.
Eo a etsa ka mano ho setjhaba sa rona, a hlorisa bontata rona, a ba a ba lahlisa bana ba bona, hore ba tle ba se ke ba hlola ba ata.
Etlare ha bohato ba maoto a baprista ba jereng areka ya Jehova, Morena wa lefatshe lohle, bo hata metsi a Jordane, metsi a Jordane a tla aroha; metsi a theohang a etswa hodimo a etse qubu.
Baprista ba jereng areka ya selekane sa Jehova, ba ema ba sataletse mobung o omileng, hare ho Jordane, mme Baiseraele bohle ba tshela mobung o omileng, ho fihlela setjhaba kaofela ha se qetella ho tshela Jordane.
Baprista ba jereng areka ba ema kahare ho Jordane, ho fihlela ha ho phethehile tsohle tseo Jehova a neng a di laetse Joshua hore a di bolelle setjhaba, kahohle kamoo Moshe a neng a laetse Joshua kateng. Setjhaba sa akofa, sa tshela.
Baprista ba jereng areka ya selekane sa Jehova, ha ba etswa hara Jordane, mme bohato ba maoto a baprista ha bo hata mobu o omileng, metsi a Jordane a boela tulong tsa wona, mme a nna a matha a tlotse mabopo wohle a wona, jwaloka maoba le maobane.
Mosadi a newa dipheo tse pedi tsa ntsu e kgolo, hore a tle a fofele lefeelleng, ditulong tsa hae, moo a fepuwang ka nako e nngwe, le ka dinako, le ho isa mahareng a nako e nngwe, a le hole le noha.
Mohatla wa yona o ne o hulanya karolo ya boraro ya dinaledi tsa lehodimo, mme o ne o di lahlela lefatsheng. Drakone ya ema pela mosadi ya belehang, hore e tle e je ngwana hae ha a se a mmelehile.
Mosadi yena a balehela feelleng, moo a lokiseditsweng ditulo ke Modimo, hore a tle a fepuwe teng ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng.