Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 3:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Etlare ha bohato ba maoto a baprista ba jereng areka ya Jehova, Morena wa lefatshe lohle, bo hata metsi a Jordane, metsi a Jordane a tla aroha; metsi a theohang a etswa hodimo a etse qubu.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Etlare ha baprista ba jereng areka ya Morena, Morena wa lefatshe lohle, ba hata metsi a Jorodane, metsi ao a Jorodane a tla arohana ka lehare. Metsi a phallelang tlase, a etswa hodimo ho noka, a tla ema a ikentse lekaka.”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 3:13
13 Referencias Cruzadas  

Oho, Jehova, boholo, le matla, le letlotlo, le hlolo, le kganya, ke tsa hao! Hobane tsohle tse mahodimong le lefatsheng ke tsa hao. Borena le bona ke ba hao, Jehova, mme o phahametse tsohle o le morena.


O bokella metsi a lewatle hammoho, a ka qubu; o boloka bodiba dipolokelong tsa hae.


Wa tsaradisa mehlodi le melatswana, wa pshesa dinoka tse sa psheng le mehla.


Wa phatlola lewatle, wa ba tshedisa lona, wa emisa metsi jwaloka qubu;


Ka phefumoloho ya dinko tsa hao metsi a ne a boele hammoho, maqhubu a ema jwaloka lerako, madiba a tiya ka mpeng ya lewatle.


Hobane Mmopi wa hao ke monna wa hao, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; mme Molopolli wa hao ke Mohalaledi wa Iseraele; o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.


O tsamaya hodima lewatle, le pere tsa hao hodima qubu tsa metsi a maholo.


Yaba le re: Ke batlotsuwa ba babedi ba emeng pela Morena wa lefatshe lohle.


bonang, areka ya selekane sa Morena wa lefatshe lohle e ya tshela Jordane e le eteletse pele.


le no re ho bona: Ke hobane metsi a Jordane a ne a kgaolwe pela areka ya selekane sa Jehova; mohla e tshelang Jordane, metsi a Jordane a kgaolwa; mme majwe ana ke kgopotso ya kamehlamehla ho bana ba Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos