Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 1:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Empa, eitse ha a sa hopotse teng, lengeloi la Morena la mo hlahela ka toro, la re: Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria, mosadi wa hao, hobane se emotsweng ke yena, ke sa Moya o Halalelang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Yare a sa hopotse jwalo, lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena torong, la re: “Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria mohatsa hao, hobane se emotsweng ke yena se tswa ho Moya o Halalelang;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Esa nahana ka lintho tse, bheka, Ingelosi ea Morena ea bonahala ho tsoa ka morero, ka hore: “Josefa, ndodana David, u tšaba ho nka Maria umkakho; oNgcwele.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Esa nahana ka lintho tse, bheka, Ingelosi ea Morena ea bonahala ho tsoa ka morero, ka hore: “Josefa, ndodana David, u tšaba ho nka Maria umkakho; oNgcwele.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 1:20
38 Referencias Cruzadas  

Lengeloi la Modimo la re ho nna torong: Jakobo! Ka re: Ke nna enwa.


Yaba o re: Ke nna Modimo, Modimo wa ntatao; o se ke wa tshaba ho theohela Egepeta, hobane ke tla o etsa setjhaba se seholo teng.


Elia a re ho yena: Se tshabe; etsa kamoo o boletseng kateng, o mpe o etsetse nna senkgwanyana pele, o ntlisetse sona; kamorao, o etsetse wena le mora hao.


Jehova a iponahatsa ho Salomone, Gibeone, ka toro ya bosiu, mme Modimo wa mmolella, wa re: Kopa seo ke tla o nea sona.


Ke mohlanka wa hao, o mphe kutlwisiso, ke tle ke tsebe dikeletso tsa hao.


O nkutlwise lentswe la mohau wa hao e sa le kameso, hobane ke itshepetse wena. O ntshupise tsela eo ke tshwanetseng ho ya ka yona, hobane ke nyolosetsa moya wa ka ho wena.


Pelo ya ka ha e tletse dipelaelo matshediso a hao a hlabolla moya wa ka.


Mehopolo ya ba lokileng e lokile, empa merero ya ba babe ke e thetsang.


Ya pelo e tiileng o tla mmoloka kgotsong e fetisisang, kahobane o o tshepile.


Ditsebe tsa hao di tla utlwa lentswe kamora hao, le reng: Tsela ke yona ena, tsamayang ho yona, esere la ya ka ho le letona, kapa ka ho le letshehadi.


Mmameleng, lona ba tsebang ho loka, lona batho ba nang le molao wa ka dipelong tsa lona; le se ke la tshaba nyatso ya batho, le se ke la tshoha ditshomo tsa bona.


Yaba Esaia o re: Utlwang jwale, lona ba ntlo ya Davida: Hleka ke ntho e nyenyane ho lona ho kgathatsa batho, haele moo le kgathatsa le Modimo wa ka na?


Eitse ha ntlo ya Davida e bolellwa ho thwe, Basiria ba kopane le Baefraime, pelo ya Akase le dipelo tsa batho ba hae tsa sisinyeha, jwaloka difate tsa meru ha di sisinngwa ke moya.


O tla nne o phaile ho isa hokae, mokwenehi? Hobane Jehova o ya bopa ntho e ntjha lefatsheng: mosadi o ya teela monna hare.


le hona ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, ke se ke ka hlola ke nka baneng ba hae ya tla busa ditloholo tsa Abrahama le tsa Isaaka le tsa Jakobo; hobane ke tla busetsa ba kgolehong ba bona, ke ba hauhele.


Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, a ba anela, bona le batho ba bona, a re: Le se ke la tshaba ho ipea ho Bakalde, le mpe le ikahele lefatsheng, le ipee ho morena wa Babilona, le tle le iketle.


Kamora tseo, ke tla tshollela moya wa ka hodima nama yohle, ho be ho porofete bara ba lona le baradi ba lona, maqheku a lona a lore ditoro, le bahlankana ba lona ba bone dipono.


A re: Mamelang mantswe a ka hantle: moporofeta ha a le teng hara lona, nna, Jehova, ke ipontsha ho yena ka pono, ke bua le yena ka toro.


Ho tswalwa ha Jesu Kreste ho tlile ka mokgwa ona: Maria, mmae, ha a lebeleditswe ke Josefa, a tshoha a emodisitswe ke matla a Moya o Halalelang, ba eso ho kopane.


Eitse ha ba senoletswe ke Modimo ka toro, hore ba se ke ba boela ho Heroda, ba kgutlela lefatsheng la bona ka tsela esele.


Ha ba se ba tlohile, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, mme o dule teng, ke tle ke be ke o bolelle; hobane Heroda o tla batla ngwana ho mmolaya.


Empa, eitse hobane Heroda a shwe, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, Egepeta, la re:


Empa, eitse hobane a utlwe ha ho thwe, Arkelause o busa Judea, tulong tsa ntatae Heroda, a tshaba ho ya teng; mme ha a senoletswe ke Modimo ka toro, a kgutlela naheng ya Galelea.


Yare ha a sa dutse setulong sa kahlolo, mosadi wa hae a romela ho yena, a re: O se ke wa ba le taba, leha e le e nngwe, le motho eo ya lokileng; hobane ke utlwile bohloko bo boholo ka baka la hae, ha ke lora kajeno.


Lengeloi la bua, la re ho basadi: Haele lona, le se ke la tshoha, hobane ke a tseba hoba le batla Jesu, ya kileng a thakgiswa.


Lengeloi la araba, la re ho yena: Nna ke Gabriele, ya emang pela Modimo; ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella ditaba tsena tse monate.


Josefa le yena a tloha Galelea, motseng wa Nasaretha, a ya Judea, motseng wa Davida, o bitswang Bethlehema, etswe e ne e le motho wa ntlo ya Davida le wa leloko la hae;


Empa lengeloi la Morena la bula menyako ya teronko bosiu, la ba ntsha, la re:


A re thabeng, re nyakalle, mme re ise kganya ho wona; hobane lenyalo la Konyana le hlahile, mme mosadi wa yona o itokisitse;


Lengeloi la Jehova la hlahela mosadi eo, la re ho yena: Bona, o nyopa, mme ha o tswale bana; empa o tla emara, o tswale moshanyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos