Mattheu 1 - BIBELELeloko la Jesu Kreste ( Luka 3:23-38 ) 1 Leloko la Jesu Kreste, mora Davida, mora Aborahama. 2 Aborahama a tswala Isaka, Isaka a tswala Jakobo, Jakobo a tswala Juda le bana babo, 3 Juda a tswala Farese le Sara ka Tamare, Farese a tswala Heserone, Heserone a tswala Arame, 4 Arame a tswala Aminadabe, Aminadabe a tswala Nashone, Nashone a tswala Salema, 5 Salema a tswala Boase ka Rahaba, Boase a tswala Obede ka Ruthe, Obede a tswala Jese, 6 Jese a tswala kgosi Davida. Davida a tswala Solomone ka mohatsa Uriya, 7 Solomone a tswala Roboame, Roboame a tswala Abiya, Abiya a tswala Asa, 8 Asa a tswala Jehoshafate, Jehoshafate a tswala Jorame, Jorame a tswala Usiya, 9 Usiya a tswala Jotame, Jotame a tswala Akase, Akase a tswala Hesekia, 10 Hesekia a tswala Manase, Manase a tswala Amose, Amose a tswala Josiya, 11 Josiya a tswala Jekoneya le bana babo ka nako ya ho fallisetswa ha Bajuda Babilona. 12 Jwale, kamora ho fallisetswa ha bona Babilona, Jekoneya a tswala Salatiele, Salatiele a tswala Sorobabele, 13 Sorobabele a tswala Abihude, Abihude a tswala Eliakime, Eliakime a tswala Asore, 14 Asore a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Akime, Akime a tswala Eleude, 15 Eleude a tswala Eleasare, Eleasare a tswala Matane, Matane a tswala Jakobo, 16 Jakobo a tswala Josefa, mohatsa Maria, mosadi ya ileng a tswala Jesu ya bitswang Kreste. 17 Ha ho le jwalo, meloko yohle, ho tloha ho Aborahama ho isa ho Davida e bile leshome le metso e mene; ho tloha ho Davida ho isa nakong ya ho fallisetswa ha Bajuda Babilona, meloko e leshome le metso e mene; mme ho tloha nakong ya ho fallisetswa ha bona Babilona ho isa ho Kreste, meloko e leshome le metso e mene. Tswalo ya Jesu Kreste ( Luka 2:1-7 ) 18 Tswalo ya Jesu Kreste e bile jwaana: Mmae Maria, ha a se a lebeleditswe ke Josefa, ba eso ka ba phela mmoho, a fumaneha e le moimana ka matla a Moya o Halalelang. 19 Erekaha Josefa, mohatsa Maria, a ne a lokile, mme a sa rate ho mo hobosa, a rera ho mo hlala ka lekunutu. 20 Yare a sa hopotse jwalo, lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena torong, la re: “Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria mohatsa hao, hobane se emotsweng ke yena se tswa ho Moya o Halalelang; 21 o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.” 22 Jwale tsena tsohle di etsahetse hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re: 23 “Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme mora eo o tla rewa lebitso la Emmanuele,” e leng ho re: Modimo o na le rona. 24 Ha Josefa a tsoha borokong, a etsa kamoo lengeloi la Morena le mo laetseng kateng, a inkela mohatsa hae; 25 mme ha a a ka a kena dikobong tsa hae ho fihlela a beleha mora; Josefa a mo rea lebitso la Jesu. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa