Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 3:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Baprista ba jereng areka ya selekane sa Jehova, ba ema ba sataletse mobung o omileng, hare ho Jordane, mme Baiseraele bohle ba tshela mobung o omileng, ho fihlela setjhaba kaofela ha se qetella ho tshela Jordane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Baprista ba jereng areka ya selekane sa Morena ba ema themelele! mobung o ommeng, bohareng ba Jorodane, mme Baiseraele bohle ba tshela mobung o ommeng, ho fihlela setjhaba sohle se tshela Jorodane.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 3:17
14 Referencias Cruzadas  

Elia a nka kobo ya hae, a e tshopha, a phutla metsi; a arohana kalehare, mme ba tshela ba babedi moo ho omileng.


O ile wa pshesa bodiba ba lewatle, ba tshela noka ka maoto, ra ba ra ithabela ho wona.


Moshe a otlollela letsoho la hae hodima lewatle, mme Jehova a suthisa lewatle ka moya o matla wa botjhabela o fokang ka bosiu bohle, lewatle a le fetola mobu o omileng, mme metsi a phatloha.


Bana ba Iseraele ba tsamaya kahara lewatle mobung o omileng, metsi ya eba lerako ho bona ka letsohong le letona le ka leqeleng.


Empa bana ba Iseraele ba ne ba tsamaile moo ho omileng, hara lewatle, metsi a ba etseditse lerako ka letsohong le letona le ka leqeleng.


O tla fedisa lefu ka ho sa yeng kae; Morena Jehova o tla fedisa meokgo difahlehong tsohle, a fedise sekgobo sa setjhaba sa hae lefatsheng lohle, hobane Jehova o boletse.


a re: Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le tshele Jordane, mme le kene naheng ya Kanana,


Ka tumelo, ba kile ba tshela Lewatle le Lefubedu, jwaloka hoja e le lefatshe le omileng; mme Baegepeta ha ba leka ho etsa jwalo, ba nkwa ke metsi.


Setjhaba kaofela hobane se qetelle ho tshela Jordane, Jehova a bolella Joshua, a re:


Baprista ba jereng areka ba ema kahare ho Jordane, ho fihlela ha ho phethehile tsohle tseo Jehova a neng a di laetse Joshua hore a di bolelle setjhaba, kahohle kamoo Moshe a neng a laetse Joshua kateng. Setjhaba sa akofa, sa tshela.


Setjhaba ha se qetile ho tshela, areka ya Jehova le yona ya tshela, le bona baprista ba tshela pela setjhaba.


le tla ruta bana ba lona, le re: Baiseraele ba ne ke ba tshela Jordane ena ba hatile mobu o omileng;


le ba laele, le re: Itholleng mona, kahare ho Jordane, moo maoto a baprista a neng a eme teng a sataletse, majwe a leshome le metso e mmedi; le ye le wona, mme le a bee moo le tla emisa ka bosiu bona.


Empa marena wohle a Baamore, a leng ka nqa bophirimela ho Jordane, le marena wohle a Bakanana, a pela lewatle, ha a utlwa kamoo Jehova a pshesitseng metsi a Jordane kateng, pela bana ba Iseraele, ba ba ba tshela, a nyahama dipelo, mme a fela matla ke ho tshaba bana ba Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos