Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 2:13 - BIBELE

13 Hoba Ba Bohlale ba kgutle, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa torong, la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o hlole teng ho fihlela ke o bolella, hobane Heroda o makgatheng a ho batla ngwana hore a mmolaye.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ha ba se ba tlohile, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, mme o dule teng, ke tle ke be ke o bolelle; hobane Heroda o tla batla ngwana ho mmolaya.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Eitse hobane ba tsamaye, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o dule teng, ke be ke o bolelle; o tla batla ngoana e monyenyane ho mo timetsa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Eitse hobane ba tsamaye, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o dule teng, ke be ke o bolelle; o tla batla ngoana e monyenyane ho mo timetsa.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 2:13
29 Referencias Cruzadas  

Empa Hadade le Baedomo ba bang, bao e neng e le bahlanka ba ntatae, ba balehela Egepeta. Hadade e ne e sa le moshanyana.


Hona moo Gibeone, Morena a itlhahisa ho Solomone torong, bosiu, a re: “Kopa seo o lakatsang hore ke o fe sona.”


Torong le ponong tsa bosiu, ha phume sa boroko batho se ba katetse, phateng tsa bona ba kgalehile,


hore tsela tse kgopo ba di kgelohe, boikakaso bo be hole le bona.


Jwale Faro a laela setjhaba sa hae sohle, a re: “Bashanyana bohle ba Baheberu ba tla tswalwa, le ba akgele ka nokeng, empa, banana bohle bona le ba tlohele ba phele.”


Yare a sa hopotse jwalo, lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena torong, la re: “Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria mohatsa hao, hobane se emotsweng ke yena se tswa ho Moya o Halalelang;


Ha ba le hlorisa motseng o mong, balehelang ho o mong, hobane ruri ke a le bolella, ha le ka ke la qeta metse ya Iseraele Mora Motho a eso tle.


Hoba ba lemoswe torong hore ba se ke ba boela ho Heroda, ba kgutlela naheng ya habo bona ka tsela esele.


A tsoha, a nka ngwana le mmae bosiu, a tshabela Egepeta,


Yare ha Heroda a lemoha hore o phomilwe ke Ba Bohlale, a halefa haholo, a laela hore ho bolawe masea wohle a bashanyana a Betlelehema le a tikolohong yohle ya teng, a dilemo di pedi le katlase, ho ya ka nako eo a e botsisisitseng ho Ba Bohlale.


Empa ha a utlwa hore Arekelaose o hlahlamile ntatae Heroda boreneng ba Judea, a tshaba ho ya teng. Hoba a lemoswe torong, a tshabela seterekeng sa Galelea,


Ba re: “Molaodi wa lebotho la ba lekgolo, Kornele, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya pakwang ke setjhaba sohle sa Bajuda, o lemositswe ke lengeloi le halalelang, hore a o bitsetse ha hae, a tle a utlwe seo o tla mmolella sona.”


Yare hoba lengeloi le buang le yena le tlohe, a bitsa bahlanka ba hae ba babedi le mohlabani e mong wa ba mo lebelang, ya hlomphang Modimo,


Petrose ha a re qwatsi! Yaba o re: “Jwale ke tseba kannete hore Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse matsohong a Heroda le ho tsohle tse neng di lebeletswe ke setjhaba sa Bajuda.”


Hanghang lengeloi la Morena la ema moo, mme lesedi la kganya ka tjhankaneng. Lengeloi la sisinya Petrose lehlakoreng, la mo tsosa, la re: “Tsoha kapele!” Mahlaahlela a matsohong a hae a wa.


Jwale molebedi wa tjhankana a tsebisa Paulosi taba ena, a re: “Baahlodi ba laetse hore le lokollwe; ka baka leo tswang, le ye ka kgotso.”


Empa bosiu lengeloi la Morena la bula menyako ya tjhankana, la ba ntsha, la re:


Eo ya sebetsa leloko la rona ka mano, ya sotla bo-ntata rona, ya ba lahlisa masea a bona, hore a tle a se ke a phela.


Etlare ha baprista ba jereng areka ya Morena, Morena wa lefatshe lohle, ba hata metsi a Jorodane, metsi ao a Jorodane a tla arohana ka lehare. Metsi a phallelang tlase, a etswa hodimo ho noka, a tla ema a ikentse lekaka.”


Baprista ba jereng areka ya selekane sa Morena ba ema themelele! mobung o ommeng, bohareng ba Jorodane, mme Baiseraele bohle ba tshela mobung o ommeng, ho fihlela setjhaba sohle se tshela Jorodane.


Baprista ba neng ba jere areka ba ema bohareng ba Jorodane, ho fihlela ha ho phethilwe tsohle tseo Morena a neng a laetse Joshua ho di bolella setjhaba, ho ya ka tsohle tseo Moshe a neng a di laetse Joshua. Setjhaba sa potlaka, sa tshela noka.


Baprista ba neng ba jere areka ya selekane sa Morena ba nyoloha ho tloha bohareng ba Jorodane. Hanghang ha maoto a baprista bao a qala ho hata mobung o ommeng, metsi a Jorodane a kgutlela ditulong tsa wona, a saballa mabopong wohle jwaloka pele.


Empa mosadi a newa mapheo a mabedi a ntsu e kgolo, hore a tle a fofele setshabelong sa hae, feelleng, moo a tla feptjwa teng ka selemo se le seng, le ka dilemo tse pedi le halofo hape, hole le noha.


Ka mohatla wa yona e ne e hulanya karolo e le nngwe ho tse tharo ya dinaledi tsa lehodimo, mme ya di lahlela lefatsheng. Kganyapa ya fihla ya ema kapele ho mosadi ya makgatheng a ho beleha, e le hore e tle e kwenye ngwana wa hae hang hoba a belehuwe.


Mosadi yena a tshabela feelleng, moo Modimo a neng a mo lokiseditse sebaka teng, hore a tle a feptjwe ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos