Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -


Mattheu 2 - Baasraak Sotho NT


Mattheu 2

1 Eitse ha Jesu a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, ba bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema,

2 ba re: O kae ya tswetsweng morena wa Bajuda? hobane re bone naledi ya hae botjhabela, mme re tlile ho mo kgumamela.

3 Morena Heroda ha a utlwa taba tseo, a tshoha, le Jerusalema yohle le yena.

4 Eitse hobane a bokelle baprista ba baholo bohle le bangodi ba setjhaba, a ba botsa moo Kreste a tla tswallwa teng.

5 Ba re ho yena: Ke Bethlehema wa Judea; hobane ho ngodilwe jwalo ke moporofeta, ha thwe:

6 Le wena Bethlehema, naheng ya Juda, ha o monyenyane hara mahosana a Juda, hobane ho tla tswa ho wena Mmusi ya tla busa setjhaba sa ka sa Iseraele.

7 Jwale, Heroda a biletsa ba Bohlale sephiring, a ba botsisisa nako eo naledi e hlahileng ka yona.

8 A ba roma Bethlehema, a re: Eyang le botsisise tsa ngwana ka hloko; mme ha le mo fumane, le ntsebise, hore le nna ke ye ke mo kgumamele.

9 Eitse ha ba utlwa morena, ba tloha; mme bonang, naledi eo ba e boneng botjhabela, ya ba etella pele, ya ba ya fihla, ya ema hodima moo ngwana a leng teng.

10 Ha ba bona naledi, ba thaba ka thabo e kgolo.

11 Eitse ha ba kena ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria, mme ba itihela fatshe, ba mo kgumamela; khauta, le libano, le myra.

12 Yare hobane ba lemoswe ke Modimo torong hore ba se ke ba kgutlela ho Heroda, ba kgutlela naheng ya habo bona ka tsela esele.

13 Eitse hobane ba tsamaye, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o dule teng, ke be ke o bolelle; o tla batla ngoana e monyenyane ho mo timetsa.

14 Eitse hobane a tsohe, a nka ngwana le mmae bosiu, a ya Egepeta.

15 A dula teng ho fihlela Heroda a shwa, hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, a re: Ke bitsitse mora wa ka Egepeta.

16 Heroda, ha a bona hobane o songoa ke ba Bohlale, a halefa haholo, a romela ho bolaea bana bohle ba Bethlehema le mathokong ’ohle a teng, ho qala ka ba lilemo tse peli ho ea tlaase, ho ea ka molao. nako eo a neng a botsitse ka eona ho banna ba bohlale.

17 Yaba ho phethahala ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re:

18 Lentswe la utlwahala Rama, la sello, le dillo, le dillo tse kgolo, Ragele a llela bana ba hae, a hana ho tshediswa, kahobane ha ba sa le yo.

19 Eitse hobane Heroda a timele, lengeloi la Jehova la iponahatsa ho Josefa torong, Egepeta.

20 A re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o ye naheng ya Iseraele;

21 A tsoha, a nka ngwana le mmae, a tla naheng ya Iseraele.

22 Eitse ha a utlwa hore Arkelause o busa Judea tulong tsa ntatae Heroda, a tshaba ho ya teng;

23 A tla, a aha motseng o bitswang Nasaretha, hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke baporofeta, ha ho thwe: O tla bitswa Monasaretha.

Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.

City Bible Foundation
Síguenos en:



Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos