Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -


Mattheu 2 - BIBELE


Ketelo ya Ba Bohlale Ba Botjhabela

1 Hoba Jesu a tswallwe Betlelehema e Judea, mehleng ya kgosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tswang botjhabela,

2 ba re: “E kae kgosi ya Bajuda e tswetsweng? Re bone naledi ya yona ha e hlaha, mme re tlilo e kgumamela.”

3 Yare ha kgosi Heroda a utlwa, a ferekana hammoho le ba Jerusalema kaofela,

4 mme hoba a bokelle baprista ba baholo bohle le Ditsebi tsa Molao tsa setjhaba, a ba botsa moo Kreste a loketseng ho tswallwa teng.

5 Ba re ho yena: “Betlelehema e Judea, hobane ho ngotswe jwalo ke moporofeta, ha a re:

6 “ ‘Ha e le wena, Betlelehema, e naheng ya Juda, ha o hlile ha o monyenyane haholo, ha o monyenyane hara batsamaisi ba Juda, hobane ho wena ho tla tswa motsamaisi ya tla alosa Iseraele, setjhaba sa ka.’ ”

7 Yaba Heroda o bitsa Ba Bohlale bao ka lekunutu, a ba botsisisa nako eo naledi e hlahileng ka yona,

8 a nto ba romela Betlelehema, a re: “Eyang, le batlisise tsa ngwana ka hloko; ere ha le se le mo fumane, le ntsebise, le nna ke tle ke yo mo kgumamela.”

9 Yare hoba ba utlwe puo ya kgosi ba tsamaya, mme naledi eo ba e boneng e hlaha ya ba etella pele ho fihlela e ema hodima moo ngwana a neng a le hona teng.

10 Jwale ha ba bona naledi ba thaba haholo.

11 Ha ba fihla ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria; ba itihela fatshe, mme ba kgumamela ngwana, ba nto bula matlole a bona, ba mo nyehella ka dimpho: kgauta, mokubetso, le mmira.

12 Hoba ba lemoswe torong hore ba se ke ba boela ho Heroda, ba kgutlela naheng ya habo bona ka tsela esele.


Josefa o balehela Egepeta

13 Hoba Ba Bohlale ba kgutle, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa torong, la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o hlole teng ho fihlela ke o bolella, hobane Heroda o makgatheng a ho batla ngwana hore a mmolaye.”

14 A tsoha, a nka ngwana le mmae bosiu, a tshabela Egepeta,

15 mme a hlola teng ho fihlela Heroda a eshwa; e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re: “Ke bitsitse mora wa ka hore a tswe Egepeta.”


Polao ya masea

16 Yare ha Heroda a lemoha hore o phomilwe ke Ba Bohlale, a halefa haholo, a laela hore ho bolawe masea wohle a bashanyana a Betlelehema le a tikolohong yohle ya teng, a dilemo di pedi le katlase, ho ya ka nako eo a e botsisisitseng ho Ba Bohlale.

17 Ya eba moo ho phethahalang ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re:

18 “Mohoo o utlwahetse Rama: seboko le sello sa mmokotsane; Ragele o llela bana ba hae, mme o hana ho tshediseha, hobane ha ba sa le yo.”


Josefa o kgutla Egepeta

19 Hoba Heroda a shwe, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa, torong, Egepeta,

20 la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o boele naheng ya Iseraele, hobane ba neng ba batla bophelo ba ngwana ba shwele.”

21 Josefa a tsoha, a nka ngwana le mmae, a boela naheng ya Iseraele.

22 Empa ha a utlwa hore Arekelaose o hlahlamile ntatae Heroda boreneng ba Judea, a tshaba ho ya teng. Hoba a lemoswe torong, a tshabela seterekeng sa Galelea,

23 a ya aha motseng o bitswang Nasaretha, e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke baporofeta hore o tla bitswa Monasaretha.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Síguenos en:



Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos