Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 2:8 - BIBELE

8 a nto ba romela Betlelehema, a re: “Eyang, le batlisise tsa ngwana ka hloko; ere ha le se le mo fumane, le ntsebise, le nna ke tle ke yo mo kgumamela.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 mme a ba romela Bethlehema, a re: Eyang le botsisise ditaba tsa ngwana haholo; mme etlare ha le mo fumane, le ntsebise, le nna ke tle ke ye, ke mo kgumamele.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 A ba roma Bethlehema, a re: Eyang le botsisise tsa ngwana ka hloko; mme ha le mo fumane, le ntsebise, hore le nna ke ye ke mo kgumamele.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 A ba roma Bethlehema, a re: Eyang le botsisise tsa ngwana ka hloko; mme ha le mo fumane, le ntsebise, hore le nna ke ye ke mo kgumamele.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 2:8
20 Referencias Cruzadas  

Yaba Abosalome le banna bohle ba Iseraele, ba re: “Keletso ena ya Hushai wa Moareke e ntle ho feta keletso ya Ahitofele.” Morena o ne a rerile hore keletso e ntle ya Ahitofele e nyope, e le hore Morena a tle a dihele koduwa hodima Abosalome.


Yaba Jesabele o roma leqosa ho Elia, o re: “Haeba hosasane, ka yona nako ena, ke sa o bolaya jwalokaha o bolaile baporofeta, le nna medimo e ke e nketse jwaloka bona, e be e fetise moo.”


Ha ho bohlale, kelello, kapa morero o ka atlehang ha Morena a sa o rate.


Ya ka bolelang ntho, ya etsahala, ke mang, haeba ntho eo e sa laolwa ke Morena?


Hoba Jesu a tswallwe Betlelehema e Judea, mehleng ya kgosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tswang botjhabela,


Yaba Heroda o bitsa Ba Bohlale bao ka lekunutu, a ba botsisisa nako eo naledi e hlahileng ka yona,


Yare hoba ba utlwe puo ya kgosi ba tsamaya, mme naledi eo ba e boneng e hlaha ya ba etella pele ho fihlela e ema hodima moo ngwana a neng a le hona teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos