Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 12:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Mosadi a newa dipheo tse pedi tsa ntsu e kgolo, hore a tle a fofele lefeelleng, ditulong tsa hae, moo a fepuwang ka nako e nngwe, le ka dinako, le ho isa mahareng a nako e nngwe, a le hole le noha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Empa mosadi a newa mapheo a mabedi a ntsu e kgolo, hore a tle a fofele setshabelong sa hae, feelleng, moo a tla feptjwa teng ka selemo se le seng, le ka dilemo tse pedi le halofo hape, hole le noha.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Mosadi a newa mapheo a mabedi a ntsu e kgolo, hore a tle a fofele lefeelleng, tulong tsa hae, moo a fepuwang ka nako, le dinako, le halofo ya nako, a le hole le noha.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Mosadi a newa mapheo a mabedi a ntsu e kgolo, hore a tle a fofele lefeelleng, tulong tsa hae, moo a fepuwang ka nako, le dinako, le halofo ya nako, a le hole le noha.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 12:14
10 Referencias Cruzadas  

Ka re: Ke mang ya ka mphang mapheo a jwaloka a leebakgorwana,


Le bone seo ke se entseng ho Baegepeta, le kamoo ke le pepileng kateng ka mapheo a ntsu, ka le tlisa ho nna.


Empa ba itshepelang Jehova ba bona matla a matjha, ba fofa jwaloka ntsu, ba matha, mme ha ba kgathale; ba tsamaya, mme ha ba fokole.


Ka utlwa motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka, ha a emisetsa letsoho le letona le letsoho le letshehadi lehodimong, a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, a re: Ho setse nako e le nngwe, le dinako, ho isa mahareng a nako e nngwe; etlare ha qhalanyo ya setjhaba e fela, hoo hohle ho tla etsahala.


O tla bua dipuo tse lwantshang Mookamedi ya phahameng, o tla hlorisa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng, a be le morero wa ho fetola dinako le molao, mme bahalaledi ba tla neelwa matsohong a hae ka nako, le ka dinako tse nang le lehare la nako.


A re ho nna: E tla ba dikete tse pedi tse nang le makgolo a mararo a balwang mantsiboya le hosasa, sehalalelo se ntoo hlwekiswa.


Mosadi yena a balehela feelleng, moo a lokiseditsweng ditulo ke Modimo, hore a tle a fepuwe teng ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng.


La nkisa feelleng ka moya, mme ka bona mosadi ya dutseng hodima sebata se mmala wa sekarelata, se tletseng mabitso a bonyefodi, se nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos