Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 2:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Empa, eitse hobane a utlwe ha ho thwe, Arkelause o busa Judea, tulong tsa ntatae Heroda, a tshaba ho ya teng; mme ha a senoletswe ke Modimo ka toro, a kgutlela naheng ya Galelea.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Empa ha a utlwa hore Arekelaose o hlahlamile ntatae Heroda boreneng ba Judea, a tshaba ho ya teng. Hoba a lemoswe torong, a tshabela seterekeng sa Galelea,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Eitse ha a utlwa hore Arkelause o busa Judea tulong tsa ntatae Heroda, a tshaba ho ya teng;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Eitse ha a utlwa hore Arkelause o busa Judea tulong tsa ntatae Heroda, a tshaba ho ya teng;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 2:22
18 Referencias Cruzadas  

Leha o ka tloha, leha o ka kgutla, Jehova o tla o baballa, jwale le ho isa ho sa feleng.


Hobane Modimo oo ke Modimo wa rona kamehla le ka ho sa feleng; o tla re tsamaisa ho isa le lefung.


O tla ntsamaisa ka keletso ya hao, mme qetellong o ntholle kganyeng ya hao.


Ditsebe tsa hao di tla utlwa lentswe kamora hao, le reng: Tsela ke yona ena, tsamayang ho yona, esere la ya ka ho le letona, kapa ka ho le letshehadi.


Empa, eitse ha a sa hopotse teng, lengeloi la Morena la mo hlahela ka toro, la re: Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria, mosadi wa hao, hobane se emotsweng ke yena, ke sa Moya o Halalelang.


Jesu eitse ha a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, Ba Bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema,


Empa, eitse hobane Heroda a shwe, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, Egepeta, la re:


A tsoha, a nka ngwana le mmae, a tla lefatsheng la Iseraele.


Mohlang oo, Jesu a tswa Galelea, a tla Jordane ho Johanne ho kolobetswa ke yena.


Eitse hobane ba phethe tsohle tse laetsweng molaong wa Morena, ba kgutlela Galelea, ba ya Nasaretha, motseng wa habo.


Ba araba, ba re ho yena: Na le wena o tswa Galelea na? Botsisisa, o lemohe hobane ha ho moporofeta ya hlahileng Galelea.


Samuele a re: Nka ya jwang? Saule ha a ka utlwa, o tla mpolaya. Jehova a re: Eya le sethole, o tle o re, o tlile ho hlabela Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos