Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 2:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Jwale, Heroda ha a bona hobane o phomilwe ke ba bohlale, a halefa haholo; a romela ho bolaya bana bohle ba Bethlehema le ba naha yohle ya teng, ba lemo tse pedi le ba ba hlahlamang, a lekanya ka nako eo a e botsisisitseng ba bohlale.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Yare ha Heroda a lemoha hore o phomilwe ke Ba Bohlale, a halefa haholo, a laela hore ho bolawe masea wohle a bashanyana a Betlelehema le a tikolohong yohle ya teng, a dilemo di pedi le katlase, ho ya ka nako eo a e botsisisitseng ho Ba Bohlale.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Heroda, ha a bona hobane o songoa ke ba Bohlale, a halefa haholo, a romela ho bolaea bana bohle ba Bethlehema le mathokong ’ohle a teng, ho qala ka ba lilemo tse peli ho ea tlaase, ho ea ka molao. nako eo a neng a botsitse ka eona ho banna ba bohlale.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Heroda, ha a bona hobane o songoa ke ba Bohlale, a halefa haholo, a romela ho bolaea bana bohle ba Bethlehema le mathokong ’ohle a teng, ho qala ka ba lilemo tse peli ho ea tlaase, ho ea ka molao nako eo a neng a botsitse ka eona ho banna ba bohlale.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 2:16
21 Referencias Cruzadas  

a bitsa batho ba ntlo ya hae, a ba bolella, a re: Bonang, ho tlisitswe monna wa Moheberu ho rona ho bapala ka rona. O tlile ho nna, a re, o robala le nna, mme ka hoeletsa ka lentswe le leholo;


Yaba o bua le yena ka polelo tsa hore hoitseng, a re: Mohlanka wa Moheberu eo o mo tlisitseng ho rona, o ile a tla ho nna ho bapala ka nna.


Ho rohakwe bohale ba bona, hobane e bile bo tukang, le kgalefo ya bona, hobane e ne e sa qenehele! Ke tla ba qadikanya hara Jakobo, ke ba hasanye hara Iseraele.


Hasaele a re: O llelang, monga ka? A re: Ke kahobane ke tseba tse mpe tseo o tla di etsetsa bana ba Iseraele; o tla tjhesa diqhobosheane tsa bona; bahlankana ba bona o tla ba harinya ka sabole, bana ba bona o ba batanye majweng, o petsole le basadi ba bona bao e leng baimana.


Ke fetohile sesomo ho metswalle ya ka, ha ke kopa thuso ho Modimo; e, ke sesomo ke le ya lokileng, ya se nang molato.


Morena ya lonya ya busang setjhaba se fumanehileng, ke tau e purumang, ke bere e lapileng.


Motho ya imetsweng ke madi a motho e mong o ya nne a balehe ho isa lebitleng; le se ke la mo tshwara.


Hobane bona, Jehova o se a ya tloha nqalong ya hae ho putsa ba ahileng lefatsheng ka ho lekaneng le bokgopo ba bona; lefatshe le tla senola madi a momilweng ke lona, mme ha le sa tla pata ba bolailweng ho lona.


Maoto a bona a mathela bobeng, ba potlakela ho tsholla madi a se nang molato; mehopolo ya bona ke mehopolo ya bolotsana; tshenyo le timetso di ditseleng tsa bona.


Yaba Nebukadnesare o ba bohale, a halefa, a re, ho tliswe Shadrake le Meshake le Abede-Nego. Banna bao ba tliswa pela morena.


Ntwa e moferefere e tla hlahela setjhaba sa hao, diqhobosheane tsa hao di fediswe kaofela, jwalokaha Shalmane a fedisitse Bethe-Arbele mohla ntwa, ha bana ba pshatlanngwa hammoho le bomma bona.


Balaame a re ho esele: Ke kahobane o bapala ka nna; hoja ke ena le lerumo ka letsohong la ka, nka be ke o bolaya hona mona.


Yaba bohale ba Balake bo tukela Balaame; a opa matsoho, a re ho Balaame: Ke o bitsitse hore o tle o rohake dira tsa ka, mme bona, o di hlohonolofaditse makgetlo ana a mararo.


Jesu eitse ha a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, Ba Bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema,


Mohlang oo, ho etsahetse ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re:


Yare hobane Heroda a bitse Ba Bohlale sephiring, a ba botsisisa nako eo naledi e bonahetseng ka yona;


Mohatla wa yona o ne o hulanya karolo ya boraro ya dinaledi tsa lehodimo, mme o ne o di lahlela lefatsheng. Drakone ya ema pela mosadi ya belehang, hore e tle e je ngwana hae ha a se a mmelehile.


Mme ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu, mme ka makala ka makalo e kgolo, ha ke mmona.


Delila a re ho Samsone: Bona, o ntshomile, o bile o mpoleletse leshano: mpolelle jwale se ka o tlamang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos