La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Amose 4:10 - BIBELE

“Ka le otla ka mafu a sewa, ka le otla sa mohla ke otlang Egepeta. Bahlankana ba lona ka ba bolaya ka sabole, ka bolaya le dipere tsa lona, pere tse hapilweng. Seputa se ka diahelong tsa lona sa le nkgela, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ke ne ke romele hara lona lefu la sewa, le tshwanang le la Egepeta, ke ne ke bolaye bahlankana ba lona ka lerumo, dipere tsa lona tsa hapuwa, monko o tswang diahelong tsa lona ka o fihlisa dinkong tsa lona; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo



Amose 4:10
42 Referencias Cruzadas  

Mehleng yona eo, Morena a qala ho ngotla naha ya Baiseraele. Hasaele a ba hlola ka nqeng tsohle tsa naha ea Iseraele;


Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele, mme ka nako e telele a neelana ka bona matsohong a Hasaele, kgosi ya Arame, le matsohong a Bene-Hadade, mora wa Hasaele.


Jehowakase a se ke a sallwa ke bahlabani, haese bapalami ba dipere ba mashome a mahlano, le dikariki tsa ntwa tse leshome, le bahlabani ba ditaaso ba dikete tse leshome. Kgosi ya Arame e ne e ba ripitlile, e ba entse hore ba be jwaloka lerole ha ho polwa.


Yaba Hasaele o re: “O llelang, monga ka?” Elisha a araba, a re: “Ke hobane ke tseba sehloho seo o tla se etsetsa bana ba Iseraele. O tla tjhesa diqhobosheane tsa bona ka mollo, o bolaye bahlankana ba bona ka sabole. Masea a bona o tla a pshatlanya fatshe, baimana ba bona o ba phatlole dimpa.”


Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke a utlwisisa ho ba lokolla.


Moshe le Arone ba ya ho Faro, ba re ho yena: “Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: ‘O tla hana ho ikokobetsa kapele ho nna ho fihlela neng? Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa.


Ke tla thatafatsa pelo ya Faro, mme o tla le phaladisa. Ke tla itlotlisa ka Faro le ka lebotho la hae kaofela. Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena.” Yaba Baiseraele ba etsa jwalo.


mme a re: “Haeba le hlile le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, mme le etsa ho lokileng mahlong a hae; le sekehela ditaelo tsa hae tsebe, le boloka melao yohle ya hae, nke ke ka le otla ka mafu wohle ao ke ileng ka otla Baegepeta ka wona, hobane ke nna Morena, Mofodisi wa hao.”


Dingaka tsa re ho Faro: “Hona ke monwana wa Modimo.” Empa pelo ya Faro ya nna ya thatafala, mme a se ke a ba a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boletse.


Empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boleletse Moshe.


Feela o sa ntsane o ikgantshetsa setjhaba sa ka, o hana ho se lokolla.


Ba bolailweng ba tla lahlelwa kantle, topong tsa bona ho tswe bodu se nkgang phu! Thaba di be di thelle, di thelle ke madi a bona.


Lona bohle ba besang mollo, le potapotwe ke ditlhase tsa wona, tsamayang leseding la mollo oo wa lona, hara tlhase tsa mollo o besitsweng ke lona. Seo le tla se amohela tsohong la ka, ke sena: Le tla paqama fatshe hara ditlokotsi.


Baarame ba tswang botjhabela, le Bafilesita ba tswang bophirimela, ba kwentse Baiseraele bokwiditane: Leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Tjhaba ha se a kgutlela ho ya se otlileng, leha e le ho batla Morena wa mabotho.


Kahoo Morena ha a sa tla thabela batjha ba bona, dikgutsana le bahlolohadi ha a sa ba utlwela bohloko, hobane bohle ba kgopo, ke baetsadibe. Molomo wa e mong le e mong o a nyefola, leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Kahoo Morena wa mabotho o bua tjena: “Ke tla ba otla. Bahlankana ba bona ba tla bolawa ka sabole, bara le baradi ba bona ba bolawe ke sekoboto.


“Ke ba kgethetse mekgwa e mene ya ho ba timetsa,” ho rialo Morena. “Sabole e tla ba bolaya, dintja di tla ba harola, dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha di tla ba ja, di ba fedise.


‘Ba tla bolawa ke lefu le tshabehang. Ba ke ke ba llelwa kapa ba epelwa ke motho, empa ba tla tshwana le kgapane hara naha. Ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto, mme ditopo tsa bona e be dijo tsa matlaka, le dijo tsa dibatana tsa naha.’ ”


Etsa hore bana ba bona ba bolawe ke sekoboto, madi a bona a tshollwe ke sabole, basadi ba bona ba shwelwe ke bana ba bona, basadi ba bona e be bahlolohadi, banna ba bona ba bolawe ke lefu la sewa, bahlankana ba bona ba bolaelwe ntweng ka sabole.


Moabe e tla timetswa metse ya yona e futuhelwe, tjhatjha ya yona e we thekong ya ntwa,” ho rialo Kgosi bitso la yona ke Morena wa mabotho.


Ruri bahlankana ba wona ba tla bolawa diterateng, bahlabani ba kgutsiswe mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena wa mabotho.


Morena, ha ke re wena o batla nnete? O ba otlile, ha ba a utlwa bohloko; o ba kgahlotse, ha ba a boela tseleng, ba thatafaditse fahleho tsa bona sa lejwe, ba hanne ho bakela dibe tsa bona.


Le nna ke bipeditswe ke kgalefo ya Morena, ke se ke kgathetse ke ho e thibela. “E hlatsetse hodima bana, bana bana ba diterateng, hodima bahlankana, bahlankana bana ba kgobokaneng; monna le mosadi ba tla thoptjwa bobedi, ho thopuwe raputswe le ya seng a kgokgoba.


“Bolelang hore Morena o bua tjena: Topo tsa banna di tla rapalla fatshe, di ke kgapane e qhalane hara masimo, di ke ditlhaka ha di helwa ke mokotudi, di rapalle ho se ya ka di phuthang!”


“Ba tla kgutla, ba kgutlele naheng ya Egepeta, ba buswe ke kgosi ya Asiria, hobane ba hanne ho kgutlela ho nna.


“Ke tla leleka lebotho le tswang leboya, ke le lelekele naheng e ommeng, naha ya matswatlare, sehlooho sa lona se lebe watleng le ka botjhabela, serao se lebe watleng le ka bophirima. Ditopo tsa lona di tla nkga, di nkge di re phu! Seputa sa tsona se etse sehou, hobane lebotho leo le entse tse kgolo.”


le nna ke tla etsa jwalo ho lona, ke le hlorise ka lefu la lefuba, le la feberu le foufatsang, le le fedisang. Le tla lemela ntataselala, hobane dira tsa lona di tla ja dijalo tsa lona.


Ke tla le bolaya ka sabole, ho phetetsa selekane sa ka hobane le se sentse. Leha le ka la phuthehela metseng ya lona, ke tla le romela lefu la sewa, mme ke le neele dira tsa lona.


“Metseng yohle ya lona ke le bolaisitse sekoboto, le metsaneng yohle ya lona bohobe ka bo qephisa, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.


Mohlang oo,” ho rialo Morena Modimo, “dipina tse binwang ka tlung ya bokgosi di tla fetoha diboko. Ditopo tse ngatangata di tla rapalla kahohle, ho kgutsitse tuu!”


Ke ile ka senya dijalo tsa lona ka phori, le ka boroku, le ka sefako, empa ha le a ka la kgutlela ho nna,’ ho rialo Morena.


“Morena o tla etsa hore lefu la sewa le o kgomarele, ho fihlela a o timetsa naheng eo o yang ho yona ho e hapa.


Morena o tla o otla ka lefuba, le ka feberu, le ka mokgohlane, le ka motjheso o kang wa mollo, le ka komello, le ka moya o batang, le ka hlobo. Tsena di tla o salama ho fihlela o eshwa.


Hape o tla o tlisetsa mafu wohle a Egepeta, ao o neng o a tshaba, mme a tla o kgomarela;


Morena o tla fedisa malwetse wohle hara lona. A ke ke a le otla ka mafu afe kapa afe a mabe, a Egepeta, ao le a tsebang, empa bohle ba le hloileng o tla ba otla ka wona.