Joele 2 - BIBELEDitsie di dupa letsatsi la Morena 1 Letsang lenaka le le Sione, le hlabe mokgosi thabeng ya ka e halalelang! Baahi bohle ba naha ba thothomele, hobane letsatsi la Morena le atametse, tsatsi la Morena le se le le haufi. 2 Ke tsatsi la lefifi la bo-nka-ntjana, tsatsi le phetheselang maru, maru a matshomatsho! Lebotho le leholo, le matla, le a tla, le tla hlaha sa mafube dithabeng; le kaalo ka lona ha le eso ka le bonwa, e bile le kaalo ha le sa tla bonwa. 3 Kapele ho lona hlaha e a tjhesetsa, kamorao ho lona ho tuka malakabe. Kapele ho lona naha e ka tshimo ya Edene, kamorao ho lona naha e sala e le nanaola; le a fiela, ha le siye le letho. 4 Ho ropoha ha lona ho tshwana le ha dipere, le matha sa dipere, sa pere tsa ntwa di kgema; 5 le laqoma hodima ditlhoro tsa dithaba, lerata la lona e ka la kariki tsa ntwa, e ka la mollo o qhoma, o tjhesa matlakala, e ka la diqhobane di eme thekong ya ntwa. 6 Ha tjhaba di le bona e ba di a tlallwa, fahleho tsohle di pudufale. 7 Le kgoroha jwaloka bahale, le hlwa marako sa bahlabani. Le tsamaya le tobile pele feela, theko ya lona e entse lekaka. 8 Ha le tsamaya ha le theselane ka ditswe, mohlabani ka mong o tsamaya a tobile pele feela. Le a fohla, le itukubetse hara marumo, ha ho letho le ka le emang kapele. 9 Le feresa motse, le mathe hodima marako, le hlwelle le kahodima matlo, le kene ka difesetere se ka mashodu. 10 Ha botho lena le kgoroha, fatshe le a reketla, mahodimo le wona a tsukutlehe; letsatsi le kgwedi di a fifala, dinaledi di kgaotse ho phatsima. 11 Morena o kgaruma a eteletse mabotho a hae pele, hoba mabotho a hae e hlile ke boiyane; ke dinatla, a phetha taelo ya hae. Letsatsi la Morena le leholo, le leholo le bile le a tshabeha! E be ke mang ya ka le mamellang? Setjhaba se ke se itshwabele 12 “Hona jwale,” ho rialo Morena, “kgutlelang ho nna ka pelo tsa lona tsohle, ka ho itima dijo, ka meokgo le ka dillo.” 13 Pelo tsa lona di ke di swabe, ho ena le ho hahola diaparo tsa lona. Kgutlelang ho Morena, Morena Modimo wa lona, hobane o mosa, o mohau, o dieha ho halefa, o tletse lerato, o hauhela ba etsang bokgopo. 14 Mohlomong Morena a ka nna a hauha, a boela a le hlohonolofatsa, a le fa dijo le dino tsa ho nyehella Morena, Morena Modimo wa lona. 15 Letsang lenaka le le Sione, le kgethe letsatsi la ho itima dijo, le meme phutheho e halalelang. 16 Bokellang setjhaba se kgobokane, le meme phutheho e halalelang; phuthang maqheku le phuthe bana, le phuthe le masea a anyesang. Monyadi a tswe ka kamoreng ya hae, monyaduwa a tswe ka leqatheng la hae. 17 Pakeng tsa lethule, lethule la Tempele le aletare, baprista, bahlanka ba Morena, ba lle, ba re: “Hauhela tjhaba sa hao, Morena; tjhaba sa hao se se fetohe sekgobo, sa fetoha sesomo hara baditjhaba, esere baditjhaba ba se soma, ba re: ‘O kae Modimo eo wa bona?’ ” Morena o boetse o atlehisa naha 18 Morena a boulela naha ya hae, setjhaba sa hae a se hauhela. 19 Morena a araba tjhaba sa hae, a re: “Bonang, ke tla le fa tjhai e ngata, le tjhaye koro le veine le ole, le je, le be le di shebe feela, baditjhaba ba se hlole ba le etsa sesomo. 20 “Ke tla leleka lebotho le tswang leboya, ke le lelekele naheng e ommeng, naha ya matswatlare, sehlooho sa lona se lebe watleng le ka botjhabela, serao se lebe watleng le ka bophirima. Ditopo tsa lona di tla nkga, di nkge di re phu! Seputa sa tsona se etse sehou, hobane lebotho leo le entse tse kgolo.” 21 Wena lefatshe, se ke wa tshaba letho; thaba, mme o nyakalle, hobane Morena o entse tse kgolo. 22 Lona dibatana tsa naha, se tshoheng letho, hobane makgulo a lefeella a ba matalana; fate se beha ditholwana tsa sona: Fate sa feiye le sa morara di beha haholo. 23 Lona bana ba Sione, thabang, le thabele Morena Modimo wa lona; o le neseditse dipula hobane a lokile, a le nesetsa pula tsa ditlwebelele, pula tsa selemo le tsa hwetla jwaloka pele. 24 Diotlo tsa lona di tla tlala mabele, merifi e kgaphatsehe veine le ole. 25 “Ke tla le buseletsa, ke le buseletse se senyehileng, se jelweng ke ditsie ka dilemo tse ngata; sa jewa ke mekgahlelo ya ditsie, ya se ja, ya se kokona sohle; lebothohadi leo ke le neeletseng ka lona. 26 Lona le tla ja le be le di shebe feela, le nto boka Morena Modimo wa lona, yena ya le etseditseng tse kgolo. Tjhaba sa ka se ke ke sa hlola se tlontloloha! 27 Le tla tseba hore ke na le Baiseraele, le hore nna Morena ke Modimo wa lona, ebile ha ho modimo e mong; tjhaba sa ka se ke ke sa hlola se tlontloloha!” Letsatsi la Morena 28 “Etlare hoba tsena di phethahale, ke theolele Moya wa ka hodima batho bohle; bara le baradi ba lona ba tla porofeta, bannabaholo ba lona ba tla lora ditoro, bahlankana ba lona ba tla bona dipono. 29 Le hodima bahlanka ba ka le makgabunyane a ka ke tla theolela Moya wa ka matsatsing ao. 30 Ke tla etsa dimakatso hodimo, lehodimong, le mehlolo fatshe, lefatsheng: madi, le mollo, le mouwane wa mosi. 31 Letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla ba kgubedu jwaloka madi, pele letsatsi le leholo la Morena, le kgethehileng, le fihla. 32 Mang le mang ya tla rapela Morena o tla pholoswa, hobane Thabeng ya Sione, motseng wa Jerusalema, pholoho e tla ba teng, jwalokaha Morena a boletse, bakeng sa masalla ao Morena a a bitsang. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa