Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 2:22 - BIBELE

22 Lona dibatana tsa naha, se tshoheng letho, hobane makgulo a lefeella a ba matalana; fate se beha ditholwana tsa sona: Fate sa feiye le sa morara di beha haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Se tshabeng, lona diphoofolo tsa naha, hobane makgulo a nahathothe a se a tla ba matala; sefate se tla beha ditholwana tsa sona, feiye le morara di hlahise monono wa tsona.

Ver Capítulo Copiar




Joele 2:22
25 Referencias Cruzadas  

Ha o lema, mobu o ke ke wa hlola o o atlehisa ka tse tswang ho wona. O tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng.”


Morena, mohau wa hao o fihla mahodimong, botshepehi ba hao bo fihla marung,


O rwesa selemo mofapahlooho, mofapahlooho wa tse molemo tsa hao, mehlaleng ya hao ke nala feela.


Makgulo a lehwatata a tshwetshwetha metsi, maralla a aparetswe ke thabo.


Ditjhaba di ke di o boke, wena Modimo, ditjhaba tsohle di o boke.


“E, Morena o tla utlwela Sione bohloko, a utlwele bohloko masupi wohle a yona, mafeella ao a a fetole a be jwaloka Edene, mahwatata a yona a be jwaloka rapa sa Morena. Thabo le nyakallo di tla fumanwa ho yona, ho utlwahale mantswe a pina tsa diteboho.


Ke tla etsa hore difate tsa lona di behe haholo, masimong le tjhaye dijo tse ngata, e le hore le se hlole le jara sekgobo sa sekoboto hara baditjhaba.


Ba tla re: ‘Naha ena e neng e le nanaola, e se e tshwana le tshimo ya Edene; metse e neng e setse e le dithako, e senyehile, e le masupi, jwale e haheleditswe, e na le baahi.’


“ ‘Empa lona, dithaba tsa Iseraele, le tla hlomela makala, le behele setjhaba sa ka sa Iseraele ditholwana, hobane se haufi se kgutlela ha habo sona.


Na nna nke ke ka hauhela Ninife, motse wa setletlehadi, o nang le baahi ba fetang dikete tse lekgolo le mashome a mabedi, ba sa tsebeng ho kgetholla botle ho bobe; o bileng o nang le diphoolofo tse ngata hakaale?”


Ha motho a ne a eya setheng sa mabele, seo a lekanyang hore se etsa boima ba dikilo tse makgolo a mabedi, o ne a fumana tse lekgolo feela. Ha e mong a ne a eya morifing wa veine, ho ya kga dilethara tse lekgolo, o ne a fumana tse mashome a mane feela.


“Tjhai e tla ba kgolo, morara o behe haholo, mobu o atlehise dijalo, mahodimo a nese pula e ngata. Ke tla sitsa masalla a setjhaba sena ka dintho tsena tsohle.


Ka hona ya lemang hase letho, le ya nwesetsang hase letho, empa eo e leng letho ke Modimo ya medisang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos