Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 2:26 - BIBELE

26 Lona le tla ja le be le di shebe feela, le nto boka Morena Modimo wa lona, yena ya le etseditseng tse kgolo. Tjhaba sa ka se ke ke sa hlola se tlontloloha!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Le tla ja, le be le kgore; le tla rorisa lebitso la Jehova, Modimo wa lona, ya le etseditseng tse hlollang, mme setjhaba sa ka se ke ke sa hlola se hlajwa ke dihlong le ka mohla o le mong.

Ver Capítulo Copiar




Joele 2:26
41 Referencias Cruzadas  

Ako amohele mpho ya ka hle, eo ke o tliseditseng yona, hobane Modimo o ile a nkgauhela, le hobane ke na le tse ntekaneng.” A mo pheella, mme Esau a amohela mpho eo.


Ba hapa diqhobosheane le naha e manoni, ba hapa le matlo a tletseng mefuta yohle ya thepa; didiba tse tjhekilweng, masimo a morara le a mohlwaare, le fate tsa tholwana tse ke ke be tsa balwa. Ba eja, ba kgora, mme ba atleha, ba atleha, ba phela ka boiketlo, tse molemo tsa hao tsa ba thabisa.


Ke yena ya o fepang tse molemo bophelong bohle ba hao, hore o boele o ntjhafale, o ntjhafale jwaloka ntsu.


Moya wa ka, ako boele o kgatholohe, hoba Morena o o etseditse tse molemo.


Ha e le nna, ke tshepile mohau wa hao; pelo ya ka e ke e nyakalle hobane o mpholositse.


Ke tla o rorisa phuthehong e kgolo, kapele ho ba o hlomphang, ke phethe dikano tsa ka.


Ba ke ke ba hlajwa ke dihlong nakong tse mpe, matsatsing a tlala ba tla kgora.


Merabe e ke e thabe, e etse ditlatse, hobane o ahlola ditjhaba ka toka; ke wena motsamaisi wa merabe lefatsheng.


Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, e leng yena a inotshi ya etsang dimakatso.


Ya lokileng o a ja, a ikgotsofatse, empa ya kgopo yena o ngongorehela dijo.


Ke tlile rapeng sa ka, wena kgaitsedi, monyaduwa wa ka, ke ikgeletse mmira, mmoho le dinoko tsa ka; ke jele mahe a dinotshi, mmoho le kgekge ya wona, ke nwele veine ya ka le lona lebese la ka. Jang, le nwe, lona metswalle, le nwe haholo, lona baratuwa!


Oho, Morena, ke wena Modimo wa ka, ke tla o tlotla, ke rorise lebitso la hao, hobane wena o entse dimakatso, merero ya hao ya kgale e a tshepeha, ke ya nnete.


Ka baka leo, Morena ya lopolotseng Aborahama o bua tjena ho ba lelapa la Jakobo: “Jakobo ha a sa tla hlola a hlajwa ke dihlong, fahleho sa hae ha se ka ke sa hlola se pudufala.


Empa Iseraele o tla pholoswa ke Morena, a mo pholose ka pholoho ya mehla yohle, le ka mohla a ke ke a hlajwa ke dihlong, kapa a tlontloloha kamehla yohle.


Dikgosi e tla ba bahodisi ba hao, kgosatsana tsa tsona e be baanyesi ba hao. Di tla o obamela fahleho di tadimile fatshe, di be di nyeke lerole le maotong a hao. Ke moo o tla tseba hore Morena ke nna, hobane ba ntshepileng ba ke ke ba hlajwa ke dihlong.”


“O se ke wa tshaba, o ke ke wa hlajwa ke dihlong, se tshabe ho tlontloloha, o ke ke wa nyenyefatswa. O tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, ho nyediswa ha bohlolohadi ba hao, ha o sa tla hlola o ho hopola.


Le senyetsang tjhelete ka tseo e seng bohobe? Dintho tse sa kgotsofatseng, keng ha le di sebeletsa ka thata? Mmameleng ka hloko, le je tse molemo, meya ya lona e ithabise ka tse monate.


Naha e tla beha ditholwana tsa yona, le je, le kgore, mme le phele ka boiketlo ho yona.


Ke tla le amoha dijo tsa lona, mme le tla apehelwa bohobe ka seboping se le seng ke basadi ba leshome. Ba tla le methela bohobe; le tla ja, empa le ke ke la kgora.


Nako ya lona ya ho pola e tla be e fihlelwe ke nako ya ho kotula morara; le nako ya ho kotula morara e be e fihlelwe ke ya ho lema. Le tla ja dijo tsa lona, le kgore, le phele naheng ya lona ka boiketlo.


Le tla ja, empa le ke ke la kgora! Le tla sala le ntse le lapile jwalo. Le tla ba le mahlaba a pelehi, empa bana bona le ke ke la ba beleha; esita leha le ka beleha bana, bana bao ke tla ba bolaya ka sabole.


Mohla tsatsi leo ha o na ho ba dihlong ka baka la ho ntshitelwa ha hao. Ba ithorisang ka boikakaso ba hao ke tla ba fedisa kahare ho wena; o ke ke wa hlola o ikgohomosa, o le thabeng ya ka e halalelang.


Morena wa mabotho o tla ba sireletsa, dira tsa bona ba tla di timetsa, ba di hlole ka majwe a matjeketjane. Madi a tsona ba tla a nwa sa veine, ba sasamatse dimpa sa lefiswana le tletse, ba a kganathele sa manaka a aletare.


Ba tla kgahleha, ba be batle hakaakang! Koro e tla matlafatsa bahlankana, veine e ntjha e matlafatse barwetsana.


hobane Mangolo a re: “Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”


mme tshepo eo ha e swabise, hobane dipelo tsa rona di tlatsitswe lerato la Modimo ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Bonang, Sione ke bea lejwe le kgopang, lefika la kgopiso, empa ya dumelang ho lona ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”


Ke tla medisetsa dikgomo tsa lona jwang naheng ya lona, mme le tla ja, le kgore.


Le tla thaba kapele ho Morena Modimo wa lona; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona, hobane ha a na seabo kapa lefa jwaloka lona.”


Empa tsena tsohle le tla di jella kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona. Kapele ho Morena Modimo wa lona, le tla thabiswa ke tsohle tseo le di sebetsang.


Le di jelle moo, kapele ho Morena Modimo wa lona. Wena le ba ntlo ya hao le tla thabiswa ke tsohle tseo le di sebetsang, tseo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng ka tsona.


Le tla ja, le kgore, mme le hlohonolofatse Morena Modimo wa lona, ka baka la naha e ntle eo a le neileng yona.”


Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.


Jwale he, bana ba ka, phelang ka ho Kreste, e le hore mohla a iponahatsang re tle re be sebete, re se ke ra ba dihlong, ra honyela, ha a se a le teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos