Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 2:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Le tla ja, le be le kgore; le tla rorisa lebitso la Jehova, Modimo wa lona, ya le etseditseng tse hlollang, mme setjhaba sa ka se ke ke sa hlola se hlajwa ke dihlong le ka mohla o le mong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Lona le tla ja le be le di shebe feela, le nto boka Morena Modimo wa lona, yena ya le etseditseng tse kgolo. Tjhaba sa ka se ke ke sa hlola se tlontloloha!

Ver Capítulo Copiar




Joele 2:26
41 Referencias Cruzadas  

Amohela hle nyehelo ya ka e isitsweng ho wena, hobane Modimo o nneile lehlohonolo, mme ke bile ke na le tsohle. A mo phehella jwalo; yaba o a di nka.


Ba nka metse e marako le naha e nonneng, ba rua matlo a tletseng menono ya mefuta yohle, le didiba tse tjhekilweng, le merara, le mehlwaare, le difate tse ngata tse beang ditholwana; ba eja, ba kgora, ba nona, mme ba phela menyakeng yohle ka baka la molemo wa hao o moholo.


O kgorisa molomo wa hao ka tse molemo, mme botjha ba hao bo ntjhafala jwaloka ntsu.


Moya wa ka, o boele phomolong ya hao, hobane Jehova o o entse hantle.


Ke tla rorisa Jehova ka baka la botle boo a nketsetsang bona.


Ba madimabe ba tla nne ba je, ba kgore; ba batlang Jehova ba tla bina dithoko tsa hae; dipelo tsa lona di tla phela ka ho sa feleng.


ba ke ke ba swaba matsatsing a mabe, ba ya nne ba kgore ka matsatsi a tlala.


Modimo, ditjhaba a di ke di o rorise, merabe yohle e ke e o rorise!


Ho roriswe Jehova Modimo, Modimo wa Iseraele, ya etsang dintho tse makatsang a nnotshi!


Motho ya lokileng o a ja, a kgore hantle; haele dimpa tsa ba babe, di tla lapa.


Ke tlile serapeng sa ka, ngwaneso, molebeletswa wa ka, ke ikgoletse mirra ya ka le nonetso ya ka, ka ja kgekge ya dinotshi tsa ka, ka nwa veine ya ka le lebese la ka ... Oho metswalle, jang, le nwe, le tahwe lerato.


Jehova, o Modimo wa ka, ke tla o hodisa, ke tumise lebitso la hao, hobane o entse diketso tse mehlolo; tseo o di rerileng kgale di bonahetse hoba ke nnete le ho tiya.


Ka baka leo, Jehova ya lopolotseng Abrahama o bolella ntlo ya Jakobo, o re: Jwale, Jakobo ha a sa tla ba le dihlong, sefahleho sa hae ha se sa tla hlola se swaba.


Iseraele o lopolotswe ke Jehova ka topollo ya kamehla yohle! Le ke ke la hlabiswa dihlong, leha e le ho swaba mehleng yohle.


Marena e tla ba bafepi ba hao, mafumahadi a wona e be baanyesi ba hao; ba tla itihela fatshe ka difahleho pela hao, ba nyeke lerole le maotong a hao; mme o tla tseba hobane ke nna Jehova, le hobane ba ntshepang ba ke ke ba swaba.


O se ke wa tshaba, hobane o ke ke wa hlajwa ke dihlong; o se ke wa swaba, hobane o ke ke wa tsielwa ke letho, empa o tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, o ke ke wa hlola o hopola maswabi a bohlolohadi ba hao.


Na le ntshetsa keng seo e seng dijo tjhelete, le ikgathaletsa keng se sa kgoriseng? Mmameleng hle, mme le tla ja se monate, meya ya lona e ithabise ka tse nonneng.


Naha e tla beha ditholwana tsa yona; le tla ja, le be le kgore, mme le tla aha ho yona ka boiketlo.


Mohla ke le timileng bohobe e leng seikokotlelo sa lona, sebopi se le seng se tla lekana basadi ba leshome ho le apehela bohobe; ba tla le lekanyetsa bohobe ba lona ka sekala; le tla ja, empa le ke se ke la kgora.


Nako ya ho pola e tla fihlelana le ya kotulo ya merara, mme kotulo ya merara e tla fihlelana le nako ya ho jala. Le tla ja bohobe ba lona, le be le khore, mme le tla aha naheng ya lona ka boiketlo.


Wena, o tla ja, empa o ke ke wa kgora, mme tlala e tla dula maleng a hao; o tla re o a balehisa, empa o ke ke wa pholosa, mme seo o ka se pholosang ke tla se neela lerumo!


Tsatsing leo, ha o sa tla hlajwa ke dihlong ka baka la diketso tsa hao kaofela tseo o nkwenehetseng ka tsona; hobane teng ke tla tlosa ba ithabelang boikgohomosong ba bona, kahare ho wena, mme ha o sa tla hlola o ikgohomosa thabeng ya ka e kgethehileng.


Jehova wa makgotla o tla ba sireletsa; ba tla ja dira tsa bona, ba hatakele majwe a matjeketjane; ba tla nwa madi a tsona, ba be ba hobe jwaloka hoja ba nwele veine; ba tla tlala jwaloka morifi wa mahlabelo, jwaloka dintlha tsa aletare.


Hobane botle ba bona e tla ba bokakang! Koro e tla hodisa bahlankana, veine e ntjha e hodise barwetsana.


Hobane Lengolo le re: Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a swaba.


mme tshepo ha e hlahisetse motho dihlong, hobane lerato la Modimo le tshetswe dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Bonang, ke bea Sione lejwe le kgothometsang, le lefika le kgopang; hape ho thwe: Mang le mang ya dumelang ho yena, a ke ke a swaba.


Naheng ya hao ke tla medisa jwang ba mehlape ya hao; mme o tla ja, o kgore.


Le tla thaba pela Jehova, Modimo wa lona, lona le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona ba batona, le ba batshehadi, le Molevi ya menyakong ya lona; hobane yena ha a na kabelo le lefa jwaloka lona.


empa ke pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha, o tla ja tseo, wena, le mora wa hao, le moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona le e motshehadi, le Molevi ya menyakong ya hao, mme o tla nyakalla pela Jehova, Modimo wa hao, ka tsohle tseo o di ruileng ka matsoho a hao.


Le tla ja teng pela Jehova, Modimo wa lona, le ithabise, lona le ba matlo a lona, ka mesebetsi yohle ya matsoho a lona, eo Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofaditseng ka yona.


O tla ja o kgore, mme o tla boka Jehova, Modimo wa hao, ka baka la lefatshe le molemo leo a o neang lona.


Laela ba ruileng tsa mehla ya jwale hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa moruo o sa tiyang, ba mpe ba tshepe Modimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re di thabele.


Mme jwale, bana, dulang ho yena, hore, mohla a hlahang, re tle re be le tshepo e tiileng, mme re se ke ra swaba pela hae ho hlaheng ha hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos