Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 2:16 - BIBELE

16 Bokellang setjhaba se kgobokane, le meme phutheho e halalelang; phuthang maqheku le phuthe bana, le phuthe le masea a anyesang. Monyadi a tswe ka kamoreng ya hae, monyaduwa a tswe ka leqatheng la hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Phuthang maqheku, le bokelle bana le ba anyang letswele; monyadi a tswe tlung ya hae, le monyaduwa phaposing ya hae!

Ver Capítulo Copiar




Joele 2:16
21 Referencias Cruzadas  

Setjhaba sohle sa Juda se ne se eme kapele ho Morena, se ena le masea a sona, le basadi ba sona, le bana ba sona.


A re ho bona: “Lona Balevi, mmameleng! Itlhwekiseng hona jwale, mme le hlwekise le Tempele ya Morena Modimo wa bo-ntata lona, le hleke ditshila tsohle sebakeng sena se halalelang.


Kaha ba bangata, hara setjhaba, ba ne ba sa itlhwekisa, Balevi ba hlabela e mong le e mong wa bona konyana ya Paseka, ho e hlwekisetsa Morena.


ya felang a ikemiseditse ho batla Morena Modimo wa bo-ntatae, leha a sa hlweka ho ya ka melao ya Sehalalelo.”


Le hlabe konyana ya Paseka, le ikgalaletse, le lokisetse le bana babo lona, ho ya ka taelo ya Morena eo a neng a e etse ho Moshe.”


Ha mokete o mong le o mong o ne o fedile, Jobo o ne a ye a ba bitse, a ba hlwekise, a tsohe ka madungwadungwana, a etsetse e mong le e mong wa bona nyehelo ya setjheso, hobane ka pelong ya hae o ne a ye a re: “Mohlomong bara ba ka ba ile ba sitelwa Modimo, ba mo nyefola ka dipelong tsa bona.” Jobo o ne a ye a etse hona kamehla.


Empa modumo wa tsona o anetse lefatshe lohle, polelo tsa tsona di finyeletse, di finyeletse pheletsong tsa lefatshe. Mahodimong, Modimo o hlometse letsatsi tente,


Yaba Morena o re ho Moshe: “Eya ho setjhaba, o re se itlhwekise kajeno le hosasane; se hlatswe le diaparo tsa sona.


mme sa hlatswa diaparo tsa sona. Jwale Moshe a re ho sona: “Itokisetseng letsatsi la boraro, ho se be monna ya tla kena dikobong tsa mosadi.”


Baprista bohle ba tla atamela pela Morena ba ke ba itlhwekise, esere a ba otla.”


Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme phutheho e halalelang. Phuthang maqheku le baahi bohle ba naha, ba phuthehele ka Tempeleng ya Morena, ya Morena Modimo wa rona: bohle ba meketso, ba ipiletse ho Morena.


Ba re ho yena: “Na o ntso utlwa seo ba se bolelang?” Jesu a re ho bona: “E, ke a utlwa. Na ha le eso bale moo ho thweng: ‘O itokiseditse thoko ka melomo ya bana le ya masea?’ ”


Jesu a ba araba, a re: “Na baetsana ba ye ba hlomohe ka nako eo monyadi a ntseng a ena le bona? Ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, e be hona ba itimang dijo.


Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nakwana, e le hore le iphe nako ya ho rapela. Kamora moo le boele le kopane, esere Satane a le leka ka baka la ho hloka boitshwaro ha lona.


“Ema, o hlwekise setjhaba, mme o re ho sona: ‘Itlhwekisetseng letsatsi la hosasane hobane Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Thohako e teng hara lona, lona Baiseraele! Ha le na ho tseba ho thulana le dira tsa lona, ho fihlela le tlosa ntho eno e rohakehileng hara lona.


Ha ho lentswe le le leng la tsohle tseo Moshe a neng a di laele, leo Joshua a sa kang a le balla phutheho yohle ya Baiseraele, le basadi, le bana, le bajaki ba neng ba jakile hara bona.


Yaba Samuele o re: “E, ke tlile ka kgotso, ho tla etsetsa Morena sehlabelo. Itlhwekiseng, le tle le nna sehlabelong.” A hlwekisa Jese le bara ba hae, a ba bitsetsa sehlabelong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos