Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 2:15 - BIBELE

15 Letsang lenaka le le Sione, le kgethe letsatsi la ho itima dijo, le meme phutheho e halalelang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Letsang terompeta Sione! Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme pitso, le bokelle setjhaba, le etse phutheho e mahlonoko!

Ver Capítulo Copiar




Joele 2:15
8 Referencias Cruzadas  

Ba fela ba phatlalatsa letsatsi la ho itima dijo, mme Nabote a bewa setulong se ka sehloohong hara setjhaba.


Mangolong ao o ne a ngotse, a itse: “Phatlalatsang tsatsi la ho itima dijo, mme hara setjhaba sohle Nabote a bewe setulong se ka sehloohong.


Jehu a boela a re: “Phatlalatsang hore ho tla ba le phutheho a halalelang ya Baale!” Yaba ba a e phatlalatsa.


Kgaotsang ho ntlisetsa nyehelo tse se nang thuso; mekubetso ya lona ke manyala ho nna, mekete ya ho thwasa ha kgwedi le ya Disabatha, le phutheho tse halalelang tseo le di memang, tsena ke bokgopo, nke ke ka di mamella.


Ka kgwedi ya borobong ya selemo sa bohlano sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, ha phatlalletswa setjhaba sohle sa Jerusalema, le setjhaba sohle se tlileng Jerusalema se etswa metseng ya Juda, letsatsi la ho itima dijo moo Morena a leng teng.


Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme phutheho e halalelang. Phuthang maqheku le baahi bohle ba naha, ba phuthehele ka Tempeleng ya Morena, ya Morena Modimo wa rona: bohle ba meketso, ba ipiletse ho Morena.


Letsang lenaka le le Sione, le hlabe mokgosi thabeng ya ka e halalelang! Baahi bohle ba naha ba thothomele, hobane letsatsi la Morena le atametse, tsatsi la Morena le se le le haufi.


Ha diterompeta tsena di letswa bobedi ba tsona, setjhaba sohle se tla phuthehela ho wena, kapele ho monyako wa Tente ya Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos