Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 2:14 - BIBELE

14 Mohlomong Morena a ka nna a hauha, a boela a le hlohonolofatsa, a le fa dijo le dino tsa ho nyehella Morena, Morena Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ho tseba mang? Ekaba o tla kgutla bohaleng ba hae, a le utlwele bohloko, mme mehlaleng ya hae a siye hlohonolofatso, nyehelo le tshelo tse ka isetswang Jehova, Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar




Joele 2:14
20 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho bona: “Ha ngwana a ne a sa phela ke ile ka itima dijo, ka lla, hobane ke ne ke re: ‘Ke mang ya tsebang haeba mohlomong Morena a ka tshoha a nkgauhela, mme ngwana a phela?’


Mohlomong Morena o tla bona matshwenyeho a ka, mme ka letsatsi lena a mputse ka botle bakeng sa mahlapa ana a Shimei.”


Mohlomong Morena Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a molaodi wa ntwa, eo monga hae, kgosi ya Asiria, a mo rommeng ho nyedisa Modimo ya phelang, mme a mo otle. Ka baka leo, rapella ba ntseng ba phela.’ ”


Ka le hlahlamang Moshe a re ho setjhaba: “Le entse sebe se seholo. Jwale ke tla nyolohela ho Morena; mohlomong ke tla le etsetsa tefelo ya sebe sa lona.”


Morena o bua tjena: “Ha morara o lesihleng o sa na le lero, batho ba ye ba re: ‘Le se ke la o lahla, hobane o sa na le molemo.’ Ka baka la bahlanka ba ka le nna ke tla etsa jwalo, ha nka ke ka ba timetsa, ka ba timetsa bohlebohle.


empa haeba setjhaba seo, seo ke neng ke se soketse, se bakela bokgopo ba sona, ke tla thibela koduwa eo ke neng ke se ke rerile ho e dihela hodima sona.


Ka baka lena, fetolang mekgwa ya lona, le diketso tsa lona, le mamele lentswe la Morena Modimo wa lona, mme Morena o tla hauha, a se ke a le tlisetsa koduwa eo a le reretseng yona.


Mohlomong ba tla mamela, motho ka mong a kgelohe tsela ya hae e kgopo, ebe ke a hauha, ke thibela koduwa eo ke neng ke rerile ho ba dihela yona hodimo, ka baka la diketso tsa bona tse kgopo.


Lona baprista, aparang tse mahwashe, le lle! Lona basebeletsi ba aletare, bokollang! Tloong, le lale le apere, le apere tse mahwashe, lona basebeletsi ba Modimo wa ka, hoba nyehelo ya dijo le ya dino e fedisitswe ka Tempeleng, ka Tempeleng ya Modimo wa lona.


Na dijo ha di a senyeha re ntse re di shebile? Ka Tempeleng ya rona thabo le monyaka di kae?


Nyehelo ya dijo le ya dino e fedisitswe ka Tempeleng, ka Tempeleng ya Morena. Baprista ba aparetswe ke bofifi, bona baprista ba sebeletsang Morena.


Hloyang bokgopo, le rate tse molemo, ka makgotleng le ahlole ka toka, mohlomong Morena, Morena Modimo wa mabotho, a ka hauhela masalla a Josefa.


Molaodi wa sekepe a tla ho yena, a re: “O hlolang, ha o robetse tjee? Tsoha, o ipiletse ho modimo wa hao! Mohlomong modimo eo wa hao a ka re hopola, ra se ke ra timela.”


Ho ka tseba mang haeba Modimo a ka nna a hauha, a kgutla kgalefong ya hae e tukang, e le hore re se ke ra timela?”


Lona ba ikokobetsang ba lefatshe, lona ba mamelang taelo ya Morena, batlang Morena, le mmatlisise. Batlang ho loka, le batle boikokobetso; mohlomong le ka sireletseha mohla tsatsi la kgalefo ya Morena.”


Na ho sa na le peo e setseng ka sesiung? Ho fihlela jwale difate tsa morara, le tsa feiye, le tsa dikgarenate, le tsa mohlwaare, ha di eso behe ditholwana! “ ‘Ho tloha ka tsatsi lena, ke tla le hlohonolofatsa.’ ”


A rute bahanyetsi ka bonolo. Mohlomong Modimo a ka ba fa hore ba bake, ba tsebe nnete,


Ka baka leo he, nnee naha ena e maralla eo Morena a neng a bue ka yona mohla letsatsi leo. Etswe wena o ne o ikutlwele ka lona letsatsi leo, hore Baanake ba phela moo, mme metse ya bona ke ya metonana, ya diqhobosheane. Mohlomong Morena o tla ba le nna ha ke le moo, mme ke ba leleke teng, jwalokaha Morena a buile.”


Ka baka leo, le etse ditshwantsho tsa mathopa a lona a mokoteng, le ditshwantsho tsa ditweba tse le senyetsang naha. Le tla tlotla Modimo wa Baiseraele, mme mohlomong o tla tlosa kotlo ya hae hodima lona, le hodima medimo ya lona, le hodima naha ya lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos