Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 15:26 - BIBELE

26 mme a re: “Haeba le hlile le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, mme le etsa ho lokileng mahlong a hae; le sekehela ditaelo tsa hae tsebe, le boloka melao yohle ya hae, nke ke ka le otla ka mafu wohle ao ke ileng ka otla Baegepeta ka wona, hobane ke nna Morena, Mofodisi wa hao.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 a re: Ekare ha o mamedisisa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o etsa se lokileng mahlong a hae, o sekehela taelong ya hae tsebe, o boloka melao yohle ya hae, etlaba mafu kaofela ao ke a tlisitseng hodima Baegepeta, ha ke sa a tlisa hodima hao, hobane ke nna Jehova, mooki wa hao.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 15:26
42 Referencias Cruzadas  

Ke kahobane Solomone o mphuraletse. O kgumametse Asetarote, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milekome, modimo wa Baamone. Ha a ya tsamaya ka ditsela tsa ka, ha a ya etsa ho lokileng mahlong a ka, mme ha a ya boloka ditaelo tsa ka le dikahlolo tsa ka, jwalokaha Davida, ntatae, yena a ile a di boloka.


Haeba o ka mamela tsohle tseo ke o laelang tsona, wa tsamaya ka ditsela tsa ka, wa etsa ho lokileng mahlong a ka, ka ho boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka, jwalokaha Davida, mohlanka wa ka, a ile a etsa, ke tla ba le wena. Ke tla tiisa lelapa la hao, jwalokaha ke ile ka tiisa la Davida, mme ke o nee setjhaba sa Iseraele.


A ya mohloding wa sediba, a tshela letswai ka ho oona, a re: “Morena o bua tjena: ‘Ke ngakile metsi ana. Ho tloha jwale a ke ke a hlola a bolaya, kapa a etsa hore naha e be letswatlare.’ ”


“Kgutla, o yo bolella Hesekiya, moetapele wa setjhaba sa ka, o re ho yena: ‘Morena Modimo wa ntataomoholo, Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Bona, ke tla o fodisa. Ka letsatsi la boraro o tle o nyolohele ka Tempeleng ya Morena.


Josiya a kgahlisa Morena, a tsamaya mehlaleng yohle ya Davida, ntataemoholo, a se ke a e kgeloha.


Modimo o a hlatha, a be a tlame leqeba; tsoho la hae le a otla, le bile le a fodisa;


Ke yena ya o tshwarelang melato ya hao kaofela, ke yena ya o fodisang mahlokong a hao kaofela.


O fodisa ba pelo di hlabehileng, o tlamella maqeba a bona.


“Mamelang, ha ke le eletsa; lona setjhaba sa ka, Iseraele, hoja wa ka wa mmamela!


Jwale ka seroko, Morena a bolaya matsibolo wohle a naha ya Egepeta; ho qala ka letsibolo la Faro, lona le tla dula teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la motshwaruwa ya kwaletsweng tjhankaneng, le matsibolo wohle a diphoofolo.


Ha feela le ka mamedisa lentswe la ka, mme la boloka selekane sa ka, le tla ba setjhaba sa ka se kgethehileng hara ditjhaba tsohle, hobane lefatshe lohle ke la ka.


Le tla ba baprista ba Morena, le be setjhaba se halalelang.’ Ana ke wona mantswe ao o tshwanetseng ho a bua ho bana ba Iseraele.”


“Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.


Wena o tla sebeletsa Morena Modimo wa hao; yena o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi ao o a nwang, mme nna ke tla fedisa malwetse hara lona.


“Ntshekeheleng tsebe, mme le tle ho nna, le mmamele, meya ya lona e tle e phele. Ke tla etsa selekane sa kamehla le lona, e leng mehauhelo eo ke neng ke e tshepise Davida.


Tsela tsa bona ke di bone, ke tla ba phekola; ke ba tsamaise, ke tshedise ba llang,


Ho tloha mohla ke neng ke ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno, haesale ke ba eletsa, ke re: “Ikokobeletseng nna!”


Empa haeba lona le ka mmamela ka hloko,’ ho rialo Morena, ‘la se ke la kenya thoto ka dikgoro tsa motse ona ka letsatsi la Sabatha, la halaletsa letsatsi la Sabatha ka ho se etse mosebetsi ofe kapa ofe ka lona,


Ke tla o phekola, ke fodise maqeba a hao,” ho rialo Morena, “hoba ba ile ba o bitsa Molahluwa, ba re: Ena ke Sione e sa natsweng ke motho.”


“Leha ho le jwalo ke tla tlisetsa motse ona bophelo le pheko. Ke tla fodisa setjhaba sa ka, ke etse hore se phele ka kgotso le ka boiketlo.


Empa ke ne ke ba nee molao ona, ka re: Ntlhompheng, ke tla ba Modimo wa lona, mme lona le be setjhaba sa ka. Tsamayang ka ditsela tseo ke le laetseng ho tsamaya ka tsona, le tle le phele hamonate.


Na ebe Gileade ha ho sa na meriana? Na ebe ngaka le yona ha e yo naheng eo? Ke ka baka lang tjhaba sa ka se sa phekolweng?


“Empa ha motho a lokile, a etsa ho lokileng, ho nepahetseng;


Ke nna ya rutileng Efraime, ka mo ruta ho tataya, ka mo nenesa ka letsoho la ka; empa ha ba a ka ba ela hloko hore ke nna ya ba hlokometseng.


“Tloong, re kgutleleng ho Morena: Ke yena ya re hlenhlantseng dinama, empa ke yena ya tla re fodisa; ke yena ya re ntshitseng maqeba, empa ke yena ya tla a tlama.


Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, e le hore le se ke la ba makgoba a bona. Ke fedisitse matla a neng a le hateletse, ka etsa hore le tsamaye ka bolokolohi.’ ”


“ ‘Ha le tsamaya ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloka melao ya ka, le e phetha,


Moshe a ipiletsa ho Morena, a re: “Oho, Modimo, ke a o rapela! Ako mo fodise hle!”


Le se ke la bo ja, e le hore le tle le atlehe mmoho le ditloholo tsa lona, ha le etsa se lokileng mahlong a Morena.


Hlokomelang, le utlwe mantswe ana wohle ao ke le laelang wona, e le hore lona le ditloholo tsa lona le tle le atlehe kamehla, ha le etsa se setle le se lokileng mahlong a Morena.”


Feela le mamele lentswe la Morena Modimo wa lona, le boloke melao ya hae yohle eo ke le laetseng yona kajeno, le etse ho lokileng mahlong a Morena Modimo wa lona.”


“Morena o tla o otla ka mathopa jwaloka Baegepeta, le ka dihlahala, le ka lekgwekgwe, le ka lekgopho, mme tsena di ke ke tsa phekolwa.


“Haeba o sa hlokomele ho phetha mantswe wohle a molao ona, a ngotsweng bukeng ena, le ho tshaba lebitso lena le tlotlehang, le tshabehang, la Morena Modimo wa hao,


Hape o tla o tlisetsa mafu wohle a Egepeta, ao o neng o a tshaba, mme a tla o kgomarela;


“ ‘Bona, ke nna eo e ntseng e le yena, ha ho Modimo e mong. Ke a timetsa, ke a phedisa, ke a hlatha, ke a fodisa, ha ho ya ka namolelwang matsohong a ka.


Moshe a bitsa Baiseraele bohle, mme a re ho bona: “Lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, e le hore le tle le ithute tsona, le hore le tle le hlokomele ho di phetha.


Morena o tla fedisa malwetse wohle hara lona. A ke ke a le otla ka mafu afe kapa afe a mabe, a Egepeta, ao le a tsebang, empa bohle ba le hloileng o tla ba otla ka wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos