Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 9:17 - BIBELE

17 Feela o sa ntsane o ikgantshetsa setjhaba sa ka, o hana ho se lokolla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ekare ha o sa ntse o ikgantsha ka setjhaba sa ka, o hana ho se lokolla,

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 9:17
14 Referencias Cruzadas  

Na tsoho la hao le tshwana le la Modimo, hoo o ka kirietsang ka ntswe le kang la hae?


Modimo o bohlale, o bile o matla: Ke mang ya ka mo hanyetsang, yaba o a atleha?


empa lebaka leo ke o babaletseng ka lona ke la hore, o tle o bone matla a ka, le hore lebitso la ka le tle le tume lefatsheng lohle.


Bona, hosasane, ka yona nako ena, ke tla nesa sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona mona Egepeta, ho tloha mohla e simolohang, ho fihlela kajeno.


Na selepe se ka ithorisetsa, ya rathang ka sona, kapa yona sakga ya ithorisetsa, ya sakgang ka yona? Na molamu o ka nonya ya o phahamisang, kapa kotjane ya tsokotsa motho e se lehong?


Tsoho la hao le phahamisitswe, Morena, empa batho bana bona ha ba le bone; ako ba bontshe ha o tjhesehela tjhaba sa hao, ba bone, mme dihlong di ba aparele, mollo o tjhesang dira tsa hao o ba timetse.


Ke utlwile ho mpurumela ha hao le lerata la hao, kahoo ke tla kenya kgwathatha ka nkong ya hao, ke kenye le tomo ka hanong la hao, ke be ke o kgutlise le mehlala ya hao.


“Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae, yena e leng lengetana hara mangetana! Na letsopa le ka re ho sebopi sa lona: ‘O etsang?’ Na mosebetsi wa hao o ka re: ‘Ha o na tsebo’?


“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Kahobane wena ha o inahana, o re o bohlale jwaloka Modimo,


Empa eitse ha pelo ya yona e qala ho ikgohomosa, e thatafatswa ke boikakaso ba yona, kgosi e ile ya theolwa teroneng ya bokgosi, ya hlobodiswa tlotla ya yona.


Hanghang lengeloi la Morena la mo otla, kahobane a sa ka a hlompha Modimo, mme a jewa ke diboko, a shwa.


Kapa na re ka phephetsa Morena? Na re mo feta ka matla?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos