Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 9:12 - BIBELE

12 Empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boleletse Moshe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Empa Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, mme ha a ka a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boleletse Moshe.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 9:12
13 Referencias Cruzadas  

Jwale Morena a re ho Moshe: “Eya ho Faro. Ke thatafaditse pelo ya hae le dipelo tsa bahlanka ba hae, hore ke tle ke etse mehlolo ena ya ka hara bona;


Empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke lokolla bana ba Iseraele.


Moshe le Arone ba etsa mehlolo ena yohle moo Faro a bonang, empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, a se ke a lokolla bana ba Iseraele hore ba tswe naheng ya hae.


Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, kgosi ya Egepeta, mme a phaladisa bana ba Iseraele, ba neng ba tsamaya ba le motlotlo.


Jwale Morena a re ho Moshe: “Ha o kgutlela Egepeta, hlokomela hore mehlolo yohle eo ke o neileng matla a ho e etsa, o e etse moo Faro a ntseng a bona. Empa ke tla thatafatsa pelo ya hae, mme a ke ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye.


empa Faro a ke ke a le mamela. Ke tla otla Egepeta ka letsoho la ka, ka dikahlolo tse boima, ke ntshe mabotho a ka, setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, naheng ya Egepeta.


Ke ha Faro a romela batho ho ya bona hore na ke nnete, mme ba fumana ho sa shwa phoofolo leha e le nngwe diphoofolong tsa bana ba Iseraele. Empa pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye.


“O foufaditse mahlo a bona, a thatafatsa dipelo tsa bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba utlwisisa ka pelo, ba sokoloha, mme ka ba fodisa.”


Ka baka leo, Modimo o a hauhela, ha a rata; le teng ha a rata, o a thatafatsa.


Morena o ne a thatafaditse dipelo tsa bona, hore ba tle ba lwantshe Baiseraele, e le hore ba tle ba timetswe ho hang, ba se ke ba hauhelwa; ba timetswe jwalokaha Morena a laetse Moshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos