Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 48:15 - BIBELE

15 Moabe e tla timetswa metse ya yona e futuhelwe, tjhatjha ya yona e we thekong ya ntwa,” ho rialo Kgosi bitso la yona ke Morena wa mabotho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Moabe o senyehile, metse ya hae e nyoloha e le mosi, ba batjha ba kgethilweng ba hae ba theohela polaong, ho bolela Morena eo lebitso la hae e leng Jehova wa makgotla.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 48:15
17 Referencias Cruzadas  

Lona ditjhaba tsohle, opang mahofi; faphang Modimo ka mehoo ya thabo.


“Ke a tiya, ke a hlapanya,” ho rialo Kgosi, Kgosi eo bitso la yona e leng Modimo wa mabotho; “E mong o tla tla sa Tabore hara dithaba, a tle sa Karamele e pela lewatle.


Moabe e tla ripitlwa, sello sa masea a yona se utlwahale.


Bolayang bahlabani bohle, bahlabani ba Babilona, le ba theolele moo ba tla hlabelwa teng. Bomadimabe ba bona ke bo bokaakang! Tsatsi la kotlo ya bona le ba fihletse!


Empa Mopholosi wa sona o matla, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae, se tla buellwa ke yena nyeweng ya sona. Lefatshe le tla tseba ho fumana phomolo, baahi ba Babilona bona ba hloke kgotso.


“Ke tla ba kgannela tlhabong sa dikonyana, ke ba kganne sa diphooko le dipodi.”


Baetapele ba yona le bahlalefi ke tla ba tahisa, ke tahise babusi le balaodi le bahlabani. Ba tla robala, ba roballe ruri, ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,” ho rialo Kgosi, eo bitso la yona e leng Morena wa mabotho.


“Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”


“Ka le otla ka mafu a sewa, ka le otla sa mohla ke otlang Egepeta. Bahlankana ba lona ka ba bolaya ka sabole, ka bolaya le dipere tsa lona, pere tse hapilweng. Seputa se ka diahelong tsa lona sa le nkgela, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.


Morena e tla ba yena kgosi ya lefatshe lohle. Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba mong, le lebitso la hae e be lona le inotshi.


“Ho madimabe mothetsi eo ereng ha a ena le phoofolo e tona mohlapeng wa hae, e ka amohelehang, a ikane hore o tla nyehela ka yona, empa ebe o etsetsa Morena sehlabelo ka e nang le sepha! Etswe nna ke kgosi e kgolo,” ho rialo Morena wa mabotho, “mme ke lokela ho hlomphuwa hara ditjhaba.”


Bonang moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le sa kang la ba lefa wona, o a bua, mme dillo tsa bakotudi di fihlile ditsebeng tsa Morena wa mabotho.


Hodima seaparo sa hae, le hodima serope sa hae, ho ngotswe lebitso lena: “Kgosi ya dikgosi, le Morena wa marena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos