Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 48:14 - BIBELE

14 “Le ka ipolela jwang, la re ‘Rona re bahlabani, rona re dinatla tsa dikwakwariri ntweng?’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Le ka bolela jwang, la re: Re dinatla, re bahale ntweng?

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 48:14
12 Referencias Cruzadas  

Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke tshabela ho Morena. Keng ha le re ho nna: “Balehela thabeng jwaloka nonyana?”


Kgosi ha e ke a fenye, ha e ke e fenye ka baka la dimphihadi tsa yona, mohale ha a ke a hlole, ha a ke a hlole ka baka la bonatlahadi ba hae.


Ke bone ho hong hape mona lefatsheng: Ba lebelo hase bona ba siyang kamehla, dinatla hase tsona tse hlolang kamehla, ba bohlale hase bona ba tjhayang kamehla, ba masene hase bona ba ruang kamehla, bahlalefi ha ba dule tulo tse phahameng kamehla; menyetla e tlela bohle ka dinako tsa yona.


hobane kgosi eo e re: “Hona ke ho entse ka matla a matsoho a ka, le ka bohlale ba ka, hobane ke na le kutlwisiso; ke ile ka suthisa meedi ya ditjhaba, ka hapa le matlotlo a tsona; jwaloka ya matla ka kokobetsa baahi ba tsona.


Ka baka leo, Morena, Morena wa mabotho, o tla etsa hore kwankwetla tsa kgosi di tsete, bakeng sa tlotla ya yona ho hotetswe mollo o tukang malakabe.


Re utlwile hore Moabe o a ikgantsha, ho ikgantsha ha hae ke ho tlolang moedi, o a ikakasa, o a ikgantsha, o bohale, empa boithoriso ba hae ke ba lefeela.


Boikakaso ba hao bo u thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya phelang ka mafarung a mafika, wena ya ahileng maralleng a phahameng. Le hoja o ahile hodimo jwaloka ntsu, ke tla o theolela tlase,” ho rialo Morena.


“ ‘Le ka bua jwang, la re: “Re hlalefile, hoba Molao wa Morena re a o tseba?” Bonang, Ditsebi tsa Molao di o sokamisitse, pene tsa tsona di o fetotse leshano.


Morena o bua tjena: “Mohlalefi a se ithorise ka bohlale ba hae, senatla se se ithorise ka bonatla ba sona, morui a se ithorise ka maruo a hae;


“ ‘Morena o bua tjena: “ ‘Ba thusanang le Egepeta ba tla bolawa, mokgetho wa mabotho a yona o ripitlwe; ho tloha Migedole ho ya fihla Sefene, bohle ba tla wa, ba bolawe ka sabole, ho rialo Morena Modimo.


Ona ke moputso wa boikgohomoso ba bona, kaha ba hlapaotse tjhaba sa Morena wa mabotho, ba se hlapaola ba ba ba ithorisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos