Ke lemohile, mme ke bone tlasa letsatsi hoba peisong ya lebelo ha a siye ba bang kamehla, ntwa hase ya diqhenqha kamehla, bohobe hase jwa ba bohlale kamehla, le leruo hase la ba kello kamehla, le ho ratwa hase ha batsebi kamehla, empa bohle ba hlahelwa ke nako le sebaka sa ntho tseo.
Hobane o itse: Ke entse hoo ka matla a letsoho la ka le ka bohlale ba ka, etswe ke hlalefile, ke suthisitse meedi ya ditjhaba, ke ikgapetse matlotlo a tsona, mme jwaloka mohale ke rapaladitse ba dutseng diteroneng.
Boikakaso ba hao bo o thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao, ha o ahile mapetsong a mafika, o dutse phahameng ya marallana! Le hoja o ka haha ntlo ya hao phahameng jwaloka ntsu, ke tla o diha teng, ho bolela Jehova.
Ho itswe ke Jehova: Ya leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ya matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae.
Jehova o re: Haele ba tshetlamisang Egepeta, ba tla wa, boikgohomoso bo matla ba teng bo kokobetswe; ho tloha Migdole ho isa Siene, batho ba tla wa ka lerumo: ho bolela Morena Jehova.