Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 48:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Moabe o tla hlabiswa dihlong ka Kemoshe, jwalokaha ntlo ya Iseraele e kile ya hlabiswa dihlong ka Bethele tshepo ya bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Jwale Moabe e tla hlabiswa dihlong ke Kemoshe, jwalokaha Baiseraele dihlong di ile tsa ba hlaba, mehleng ya ha Bethele e ne le tshepo ya bona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 48:13
21 Referencias Cruzadas  

Hobane ba ntahlile, ba ile ho sebeletsa Ashtarothe, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milkome, modimo wa bana ba Ammone; ha ba ka ba tsamaya tseleng tsa ka, le ho etsa tse lokileng mahlong a ka, le ho ya ka ditaelo tsa ka le ka melao ya ka, jwaloka ntatae Davida.


Salomone a hahela le Kemoshe, manyala a Bamoabe, nqalo e phahameng, leralleng le pela Jerusalema, a hahela le Moloke, manyala a bana ba Ammone.


Ebile Elia o re ho bona: Tshwarang baporofeta ba Baale, ho se ke ha tlola le a mong. Ba ba tshwara, mme Elia a ba theosetsa molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela teng.


Yaba bohale ba Jehova bo tukela Amatsia, a mo romela moporofeta e mong; eo a tla, a re: O batletseng medimo ya setjhaba seno e sa kang ya tseba ho namolela setjhaba sa yona matsohong a hao?


Leha Moabe a ka nna a kgathala ke ho ya nqalong tse diphahameng, le ke ho kena tempeleng ya teng ho rapela, a ke ke a thusa letho.


Mohlang oo, motho o tla lahlela dikgwi ti le bommankgane ditshwantsho tsa hae tsa silefera le tsa kgauta, tseo a neng a iketsetsa tsona hore a di kgumamele;


Kaofela ha bona ba tla swaba, ba hlajwe ke dihlong; baetsi ba ditshwantsho ba tla ya hammoho, ba hlabiswe dihlong.


Phuthehang, mme le tle; atamelang hammoho kaofela, lona masala a ditjhaba. Ha ba na ditaba batho ba jarang mahong a ditshwantsho tsa bona, ba rapelang modimo o sa tsebeng ho boloka.


Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, matsatsi a tla ao ke tla roma batsholli ka wona, ba tla mo tsholla, ba tsholle dipitsa tsa hae, ba bolaye makuka a hae.


O robakilwe jwang! Bokollang! Moabe o nea keng seholoholo, a ntse a le dihlong? Moabe e tla ba sesomo le thothometso ho ba bapileng le yena kaofela.


Ho madimabe wena, Moabe! Setjhaba sa Kemoshe se fedile, hobane ho tshwarwa bara ba hao ho ba isa kgolehong, le baradi ba hao ba iswa kgolehong.


Hobane, erekaha o itshepetse diketso tsa hao le matlotlo a hao, le wena o tla hapuwa, Kemoshe a iswe kgolehong, hammoho le baprista ba hae le ba baholo.


Ha ke re, o ka rua seo Kemoshe, modimo wa hao, a ka o ruisang sona na? Le rona, re rua naha ya bohle bao Jehova, Modimo wa rona, a ba lelekisang pela rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos