Eksoda 10:3 - BIBELE3 Moshe le Arone ba ya ho Faro, ba re ho yena: “Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: ‘O tla hana ho ikokobetsa kapele ho nna ho fihlela neng? Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Baheberu: O tla hana ho fihlela neng ho ikokobetsa pela ka? Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa. Ver Capítulo |
Le thapelo ya hae, le kamoo Modimo a ileng a mo mamela kateng, le dibe tsa hae tsohle, le ho se tshepahale ha hae, le dibaka tseo a ileng a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a ba a hloma ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, pele a ikokobetsa, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Baporofeta.
“Bohle ba fulang ka diqha le ka metsu, ba bitseng bohle, ba futuhele Babilona, ba e etsetse sakana-la-nkope, ba se tlohele le ya mong a phonyoha. Putsang Babilona ka baka la ketso tsa yona, le e etse seo e ila se etsa ba bang, hobane Babilona e ikgantsheditse Morena, ya ikgatshetsa Ya Halalelang wa Iseraele.