Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 10:27 - BIBELE

27 Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke a utlwisisa ho ba lokolla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Empa Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, mme a hana ho ba lokolla.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 10:27
9 Referencias Cruzadas  

Jwale Morena a re ho Moshe: “Eya ho Faro. Ke thatafaditse pelo ya hae le dipelo tsa bahlanka ba hae, hore ke tle ke etse mehlolo ena ya ka hara bona;


Empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke lokolla bana ba Iseraele.


Moshe le Arone ba etsa mehlolo ena yohle moo Faro a bonang, empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, a se ke a lokolla bana ba Iseraele hore ba tswe naheng ya hae.


Ke tla thatafatsa pelo ya Faro, mme o tla le phaladisa. Ke tla itlotlisa ka Faro le ka lebotho la hae kaofela. Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena.” Yaba Baiseraele ba etsa jwalo.


Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, kgosi ya Egepeta, mme a phaladisa bana ba Iseraele, ba neng ba tsamaya ba le motlotlo.


Jwale Morena a re ho Moshe: “Ha o kgutlela Egepeta, hlokomela hore mehlolo yohle eo ke o neileng matla a ho e etsa, o e etse moo Faro a ntseng a bona. Empa ke tla thatafatsa pelo ya hae, mme a ke ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye.


Ka baka leo, Modimo o a hauhela, ha a rata; le teng ha a rata, o a thatafatsa.


Ha e le batho ba sa kang ba bolawa ka dikotlo tsena, ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona; ba nnile ba tswela pele ho kgumamela bademona, ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa lejwe, le tsa lehong, tse ke keng tsa bona, kapa tsa utlwa, kapa tsa tsamaya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos